Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 2:14 - BIBELE

14 “Na Iseraele ke mohlanka ya tswetsweng e le lekgoba? Ho ya kang ha a sa fetohile lelobelo?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Na Iseraele ke mofo, na ke mohlanka ya tswetsweng ka tlung ya mong a hae na? Ho ya kang ha a etswa jwaloka ya hapilweng?

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 2:14
7 Referencias Cruzadas  

Aborame a boela a re: “Bona, ha o a mpha ngwana, mme mohlanka ya tswaletsweng lapeng la ka e tla ba mojalefa wa ka.”


Molao o tla ba mong ho letswallwa la naha le ho moditjhaba ya jakileng hara lona.”


Wena o tla bua le Faro, o re Morena o bua tjena, o re: ‘Iseraele ke mora wa ka wa letsibolo.


Ka ithekela makgoba le makgabunyane, mme makgoba a mang a tswallwa lapeng ha ka. Ka rua haholo, ka ba le mehlape ya dikgomo le ya dikgutshwane ho feta bohle ba ileng ba eba teng Jerusalema pele ho nna.


Morena o bua tjena: “Le kae lengolo leo ke hladileng mmao ka lona, leo ke neng ke mo leleke ka lona? Ke o rekisitse ho mang, ho lefa molato wa ka? Le ile la rekiswa ka baka la bokgopo ba lona, mma lona a lelekwa ka baka la ditshito tsa lona.


Ka baka la phoso tsa lona le tla lahlehelwa, le lahlehelwe ke lefa ke le file lona. Ke tla le etsa makgoba a dira tsa lona, ke le etse makgoba naheng eo le sa e tsebeng, hobane le entse hore kgalefo ya ka e tuke, e laime malakabe kamehla yohle.”


Etlare ha batho ba botsa, ba re: ‘Ke ka baka lang ha Morena Modimo wa rona, a entse tsee tsohle ho rona?’ Wena o tla ba bolella hore Modimo o re: ‘Kaha le mphuraletse, la sebeletsa medimo esele mona naheng ya lona, kahoo le tla sebeletsa baditjhaba naheng eo e seng ya habo lona.’ ”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos