Kamoo sefate sa apole se leng kateng hara difate tsa moru, moratuwa wa me o jwalo hara bahlankana; thato ya me ke ho dula moriting wa hae, tholwana ya hae e monate mahalapeng a me.
Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyorwa, ha ba sa tla bona diphalana tsa selemo leha e le ho batwa ke tjheso ya letsatsi, hobane ya ba hauhetseng ke yena ya tla ba tsamaisa, le ho ba isa metsing a kwellang.
Hobane setjhaba sa ka se entse dibe tse pedi: ba ntlhobohile, nna ke leng sediba sa metsi a kollang, mme ba itjheketse mamena, mamena a ngamohileng, a se nang ho boloka metsi.
Ho tla phela sebopuwa se seng le se seng se hahabang se leng teng moo ho fihlang dinoka tse pedi; le dihlapi tsona di tla ba ngata; hobane metsi ao a fela a tla fihla teng, lewatle le hlapholohe; tsohle tse tla fihlelwa ke noka di tla phela.
Anna a rapela, a re: Pelo ya ka e thabetse Jehova, lenaka la ka le emisitswe ke Jehova; molomo wa ka o ahlametse dira tsa ka, ke tswe ke nyakaletse ke poloko ya hao.