Filemone 1:17 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale he, ha ke le motswalle wa hao, mo amohele hle, jwaloka hoja e le nna. BIBELE Haeba o nkuku ke le molekane wa hao, mo amohele jwalokaha o ne o tla nkamohela. Baasraak Sotho NT Ha o nkuka ke le molekane, mo amohele jwalokaha o ithata. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha o nkuka ke le molekane, mo amohele jwalokaha o ithata. |
mme e mong le e mong ya amohelang ngwana ya jwaloka enwa ka lebitso la ka, o amohela nna.
Morena o tla ba araba, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Tseo le di entseng e monyenyane ho baena ba ka, le di entse nna.
Yare hobane a kolobetswe le ba ntlo ya hae, a re rapela, a re: Ha ekaba le ahlotse hore ke ya dumetseng ruri ho Morena, a le keng le tle ka tlung ya ka, le dule teng. Mme a re tiisetsa matla.
Haele Tite, ke molekane wa ka le motlatsi wa ka ho lona; mme haele baena ba bang, ke baromuwa ba dikereke, ke letlotlo la Kreste.
e leng hore baditjhaba ke majalefa le Baiseraele, ke mmele o le mong le bona, ba na le kabelo hammoho pallong ho Jesu Kreste, ka Evangeli;
Ho lokile, ha ke ikutlwa jwalo bakeng sa lona bohle, kahobane, ditlamong tsa ka, le boikarabelong ba ka, le tiisong ya Evangeli, ke na le lona ka pelong ya ka; hobane bohle le nkile kabelo mohaung hammoho le nna.
Mme ba nang le benghadi ba dumetseng, ba se ke ba ba nyedisa ka hoba e le bana babo bona, empa ba ba sebeletse haholo ke hona, hobane bona bao ba ba etsetsang hantle ke badumedi le baratuwa. Ruta taba tseo, mme o kgothatse ka tsona.
Mme leha ekaba a kile a o tlatlapa ka hore hoitseng, kapa a na le molato ho wena, o ke o o batle ho nna.
Ka baka leo, banabeso ba halalelang, ba nang le kabelo pitsong ya lehodimo, le ke le lemohe Jesu Kreste, moapostola le moprista e moholo wa tumelo eo re leng ho yona;
Hobane re filwe kabelo ho Kreste, ha re fela re tiisetsa, ho fihlela la bofelo, ho seo e leng motheo wa tshepo ya rona;
Utlwang, banabeso ba ratwang! Na Modimo ha o a ka wa kgetha bafumanehi ba lefatshe lena, hore e be ba ruileng tumelong, le majalefa a mmuso oo o o baletseng ba o ratang?
Ke kgothatsa baholo ba ho lona, nna ke leng moholo le bona, le paki ya mahlomola a Kreste, le ya nang le kabelo kganyeng e tlang ho senolwa,
seo re se boneng, seo re se utlwileng ke sona seo re le bolellang sona, hore le lona le tle le be le kopano le rona; mme kopano ya rona re na le yona le Ntate, le Mora wa hae Jesu Kreste.