Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Timothea 6:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Mme ba nang le benghadi ba dumetseng, ba se ke ba ba nyedisa ka hoba e le bana babo bona, empa ba ba sebeletse haholo ke hona, hobane bona bao ba ba etsetsang hantle ke badumedi le baratuwa. Ruta taba tseo, mme o kgothatse ka tsona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Makgoba ao beng ba wona e leng badumedi a se ke a ba nyedisa, hobane e le bana babo wona; a mpe a ba sebeletse hantle le ho feta, hobane ba fumanang molemo wa tshebeletso ya wona ke ba dumelang, bao a ba ratang. O rute, mme o kgothaletse tsena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Ba nang le benghadi ba dumelang, ba se ke ba ba kgesa, kahobane e le baena; le mpe le ba sebeletse, kahobane e le ba nang le kabelo mohaung, ba tshepehang le baratuwa. Dilo tse o di rute, o ba eletse.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Ba nang le benghadi ba dumelang, ba se ke ba ba kgesa, kahobane e le baena; le mpe le ba sebeletse, kahobane e le ba nang le kabelo mohaung, ba tshepehang le baratuwa. Dilo tse o di rute, o ba eletse.

Ver Capítulo Copiar




1 Timothea 6:2
31 Referencias Cruzadas  

Kamora tseo, ke tla tshollela moya wa ka hodima nama yohle, ho be ho porofete bara ba lona le baradi ba lona, maqheku a lona a lore ditoro, le bahlankana ba lona ba bone dipono.


Ba bokanela Moshe le Aarone, ba re ho bona: Ho lekane! Phutheho kaofela ke batho ba halalelang, mme Jehova o hara bona; ke ka baka lang ha le iphahamisitse kahodimo ho phutheho ya Jehova na?


Empa lona, le se ke la bitswa Rabbi, hobane moruti wa lona o mong, e leng Kreste, mme lona bohle le bana ba motho a le mong.


Morena o tla ba araba, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Tseo le di entseng e monyenyane ho baena ba ka, le di entse nna.


Ha ho motho ya ka tsebang ho sebeletsa marena a mabedi: hobane kapa o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ka sitwa ho sebeletsa Modimo le Mamona.


Mehleng eo, Petrose a ema hara barutuwa moo ba phuthehetseng teng, bongata ba bona, ha ba balwa, bo batlile ho ba lekgolo le mashome a mabedi, a re:


Ekare ha makala a mang a thefutswe, mme wena o neng o le mohlwaare wa naheng, o hlomilwe sebakeng sa wona, mme o kopantswe le motso, o fepjwa monono wa mohlware wa hae,


Hobane bao o itsebetseng bona pele, o bile o ba reretse pele, hore ba tla bapa le setshwantsho sa Mora wona, hore yena e tle e be wa letsibolo hara baena ba bangata.


Hobane ho Jesu Kreste, ho bolla le boqai ha di thuse letho, empa ho thusa tumelo e sebetsang ka lerato.


Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ngolla bahalaledi ba Efese, e leng ba dumetseng ho Jesu Kreste, ke re:


Ka baka leo, haesale ke utlwa le nna tumelo ya lona ho Morena Jesu, le lerato la lona ho bahalaledi bohle,


e leng hore baditjhaba ke majalefa le Baiseraele, ke mmele o le mong le bona, ba na le kabelo hammoho pallong ho Jesu Kreste, ka Evangeli;


ke ngolla baena ba leng ho Jesu Kreste, bahalaledi le badumedi ba Kolose, ke re: Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.


re ntse re utlwa tumelo ya lona ho Jesu Kreste, le lerato la lona ho bahalaledi bohle,


Benghadi, etsetsang bahlanka ba lona ka ho loka le ka tshwanelo, le ntse le tseba hobane le lona le na le morena mahodimong.


Re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, banabeso, kamoo ho lokelang kateng, ka baka la hobane tumelo ya lona e ntse e hola ka ho fetisa, le lerato la lona bohle ho e mong le e mong le ntse le eketseha.


Laela taba tseo, mme o di rute batho.


O se ke wa kgalemela ya hodileng ka thata, empa o mo kgothatse jwaloka hoja ke ntatao, ba batjha jwaloka hoja ke banabeno;


Haele wena, o bolele tse lokelang thuto ya pholoho.


Bolela taba tseo, mme o kgothatse, o kgalemele ka matla wohle; ho se ke ha eba motho ya o nyedisang.


Polelo eo e tiile, mme ke rata hoba o omele ka matla tabeng tseo, hore ba dumetseng ho Modimo ba iponele, ba tle ba phehelle mesebetsi e metle, tse ntle, tse molemo ho batho ke tsona tseo.


Ka baka leo, banabeso ba halalelang, ba nang le kabelo pitsong ya lehodimo, le ke le lemohe Jesu Kreste, moapostola le moprista e moholo wa tumelo eo re leng ho yona;


Hobane re filwe kabelo ho Kreste, ha re fela re tiisetsa, ho fihlela la bofelo, ho seo e leng motheo wa tshepo ya rona;


Ke kgothatsa baholo ba ho lona, nna ke leng moholo le bona, le paki ya mahlomola a Kreste, le ya nang le kabelo kganyeng e tlang ho senolwa,


haholo ba dumelang ho hulelwa ke nama ditakatsong tse ditshila, ba nyedisang borena. Baikgantshi, baikgohomosi bao, ha ba tshabe ho nyefola ba kganyang;


Balori bao le bona ba itshilafatsa nama ka mokgwa o jwalo, mme ba nyefola ba beilweng boholong, mme ba nyedisa ba kganyang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos