Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 8:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Haele Tite, ke molekane wa ka le motlatsi wa ka ho lona; mme haele baena ba bang, ke baromuwa ba dikereke, ke letlotlo la Kreste.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Tite ke molekane wa ka eo re le sebeletsang mmoho le yena; ha e le bana babo rona ke baromuwa ba dikereke, ho tlotlisa Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

23 Leha ho na le ba botsang ka Tite, ke molekane oa ka le mosebetsi-’moho le ’na bakeng sa lōna;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Leha ho na le ba botsang ka Tite, ke molekane oa ka le mosebetsi-’moho le ’na bakeng sa lōna;

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 8:23
20 Referencias Cruzadas  

Ha eba jwalo le ho bara ba Sebedea, Jakobo le Johanne, balekane ba Simone. Jesu a re ho Simone: Se tshabe; ho tloha jwale, o tla ba motshwasi wa batho.


Ba hwehla balekane ba bona ba sekepaneng se seng hore ba tle ho ba thusa. Yaba ba tla, ba tlatsa dikepana tse pedi tseo, tsa batla di teba.


Kannetenete ke re ho lona: Mohlanka ha a moholo ho morena wa hae, le lenqosa ha le leholo ho ya le romileng.


Haele monna, yena ha a tshwanela ho rwala hloohong, hobane ke setshwantsho le kganya ya Modimo; athe mosadi ke kganya ya monna.


Ke kgothaditse Tite, ka re, a ye ho lona, mme ke romile le yena moena e mong. Na Tite o kile a rua letho ka lona na? Na ha re a ka ra tsamaya le yena ka moya o le mong, ka mehlala e le meng feela na?


Empa Modimo o tshedisang ba kokobetseng, o re tshedisitse ka ho fihla ha Tite.


A re leboheng Modimo, o kentseng tjheseho e le nngwe pelong ya Tite le ho ya ka ka baka la lona.


Re romile le yena moena e mong ya tumileng dikerekeng tsohle ka taba tsa Evangeli;


e seng kahoo feela, hape ke motho eo re mo kgethetsweng ke dikereke hore re tsamaye le yena mosebetsing wona wa mohau, oo re o sebetsang ho tlotlisa Modimo ka sebele, le ho hlahisa tjheseho ya lona.


Re romile le bona moena e mong, eo re boneng hangata a le mafolofolo ditabeng tse ngata; le jwale o sa na le mafolofolo a fetisang ka ho le tshepa haholo.


Ra ba ra rapela Tite, ra re, ha a se a qadile, a fele a phethe ketso eo ya mohau hara lona.


Empa ke lekantse hobane e ka kgona ke le romele Epafrodite, ngwaneso le motlatsi wa ka mosebetsing le hlabanong, lenqosa la lona le ho nna, le mmaballi wa ka bohloking.


Le wena, molekanaka wa sebele jokong, ke a o rapela, ke re, o thuse basadi bao ba ntlatsitseng Evangeling, ba ena le Klemense, le bantshebedisi ba bang, bao mabitso a bona a ngodilweng bukeng ya bophelo.


jwalokaha le rutilwe ke Epafrase, moratuwa le mong ka rona tshebeletsong, le mohlanka ya tshepehang wa Kreste hara lona;


Empa leha re ne re utlwisitswe bohloko pele motseng wa Filipi, ra ba ra tshwenngwa hampe, jwalokaha le tseba, re kile ra tiya matla, ke ho tshepa Modimo wa rona, ho le bolella Evangeli ya Modimo hara ntwa e kgolo.


hobane Demase o ntahlile ka ho rata lefatshe la jwale, mme o ile Thesalonika; Kresense o ile Galatia, Tite Dalmatia.


ke ngolla wena Tite, ngwanaka wa sebele tumelong eo re nang le yona hammoho le wena, ke re: O ke o newe mohau, le lereko, le kgotso ke Modimo Ntate, le ke Morena Jesu Kreste, Mmoloki wa rona.


Jwale he, ha ke le motswalle wa hao, mo amohele hle, jwaloka hoja e le nna.


o na le Mareka, le Aristarke, le Demase, le Luka, basebedisi ba ka.


Efela re tshwanetse ho amohela ba jwalo, hore re sebedisane le nnete.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos