Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 18:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 mme e mong le e mong ya amohelang ngwana ya jwaloka enwa ka lebitso la ka, o amohela nna.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Mang kapa mang ya amohelang ngwana ya jwaloka enwa lebitsong la ka, o a nkamohela.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Mme e mong le e mong ya amohelang ngwana e mong ya jwalo ka lebitso la ka, o a nkamohela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Mme e mong le e mong ya amohelang ngwana e mong ya jwalo ka lebitso la ka, o a nkamohela.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 18:5
12 Referencias Cruzadas  

Ka baka leo, e mong le e mong ya ikokobetsang jwaloka ngwana enwa, ke yena eo e leng e moholo mmusong wa mahodimo;


Empa e mong le e mong ya kgopisang e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang ho nna, ho ka ba molemo ho yena hore a tlamellwe lelwala le leholo molaleng, mme a dihelwe bodibeng ba lewatle.


Morena o tla ba araba, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Tseo le di entseng e monyenyane ho baena ba ka, le di entse nna.


Ke moo a tla ba araba, a re: Kannete ke re ho lona: Erekaha le sa ka la etsa jwalo ho e mong wa ba banyenyane bana, ha le a ka la nketsa jwalo le nna.


Hobane e mong le e mong ya kopang, o a newa; ya batlang o a fumana, mme ho bulelwa ya kokotang.


E mong le e mong ya amohelang e mong wa bana ba jwalo, ka lebitso la ka, o amohela nna; mme e mong le e mong ya nkamohelang, ha a amohele nna, empa o amohela ya nthomileng.


E mong le e mong ya le nosang mohope wa metsi ka lebitso la ka, kahobane le le ba Kreste, kannete ke re ho lona: Ha a ka ke a timellwa ke moputso wa hae.


a re ho bona: E mong le e mong ya amohelang ngwana eo ka lebitso la ka, o amohela nna; mme ya nkamohelang, o amohela ya nthomileng; hobane eo e leng e monyenyane ho lona bohle, ke yena eo e leng e moholo.


Kannetenete ke re ho lona: Ya amohelang eo ke mo romang, o amohela nna; mme ya amohelang nna, o amohela ya nthomileng.


Ha le a ka la nnyedisa, leha e le ho nkgana ka baka la moleko wa ka o nameng ya ka; la mpa la nkamohela jwaloka hoja ke le lengeloi la Modimo, le jwaloka hoja ke le Jesu Kreste.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos