Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Filemone 1:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 ke rapella ho wena Onesima, ngwanaka, eo ke mo tswetseng ke le ditlamong,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Ke ipeletsa ho wena malebana le ngwana wa ka, Onesimose eo ke mo tswaletseng ditlamong tsa ka;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Ke o rapela bakeng sa mora wa ka Onesimase, eo ke mo tswetseng ke le ditlamong tsa ka.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Ke o rapela bakeng sa mora wa ka Onesimase, eo ke mo tswetseng ke le ditlamong tsa ka.

Ver Capítulo Copiar




Filemone 1:10
14 Referencias Cruzadas  

Morena a laela Joabe le Abishai le Ittai, a re: Baballang mohlankana Absalome ka baka la ka. Le setjhaba sohle sa utlwa, ha morena a laela balaodi bohle ba ntwa bakeng sa Absalome.


E mong hara bongata a araba, a re: Moruti, ke tlisitse mora wa ka ho wena, o na le moya o sa bueng.


Ka baka leo, banabeso, ke a le rapela hle ka mehauhelo ya Modimo, hore le ke le o beele mmele ya lona, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se kgahlisang Modimo; ke yona tshebeletso e le tshwanetseng.


Ke ngola taba tseo, e seng ho le hlabisa dihlong, empa ke a le lemosa, kaha le le bana ba ka ba ratwang.


Hobane leha le be le ka ba le baruti ba dikete tse leshome ho Kreste, ha le na bontata lona ba bangata; hobane ke nna ya le tswetseng ho Jesu Kreste ka Evangeli.


Bana ba ka ba banyenyane, lona bao ke boelang ke le utlwela bohloko ba ho tswala, Kreste a tle a be a bopelwe ka ho lona;


O na le Onesima, ngwaneso ya tshepehang, ya ratehang, e leng e mong wa lona; ba tla le phetela tsohle tsa kwano.


ke ngolla Timothea, mora wa ka wa sebele tumelong, ke re: O newe mohau, le lereko, le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Jesu Kreste, Morena wa rona.


ke ngolla wena Tite, ngwanaka wa sebele tumelong eo re nang le yona hammoho le wena, ke re: O ke o newe mohau, le lereko, le kgotso ke Modimo Ntate, le ke Morena Jesu Kreste, Mmoloki wa rona.


ya neng a se na thuso ho wena pele, empa jwale o na le thuso ho wena le ho nna, mme ke mo kgutlisetsa ho wena.


Ke ne ke hopotse hore nka mo thibela hore a dule le nna, a tle a ntshebeletse bakeng sa hao, ditlamong tsa Evangeli;


Ho nna ha ho thabo e fetisang ena, ya ho utlwa hoba bana ba ka ba tsamaya nneteng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos