Yaba morena o bua, a re ho monna wa Modimo: Ako rapele Jehova, Modimo wa hao, o nthapelle hore letsoho la ka le tsebe ho honyetswa. Monna wa Modimo a rapela Jehova, mme letsoho la morena la boela la honyela, la eba jwaloka pele.
Eksoda 8:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Faro o bitsa Moshe le Aarone, a re: Rapelang Jehova hore a tlose dihohwana ho nna le ho setjhaba sa ka; ke tswe ke lokolla setjhaba, se tle se ye ho etsetsa Jehova mahlabelo. BIBELE Faro a bitsa Moshe le Arone, a re: “Rapelang Morena hore a tlose dihohwana tsena ho nna le ho setjhaba sa ka, mme ke tla lokolla setjhaba hore se yo etsetsa Morena sehlabelo.” |
Yaba morena o bua, a re ho monna wa Modimo: Ako rapele Jehova, Modimo wa hao, o nthapelle hore letsoho la ka le tsebe ho honyetswa. Monna wa Modimo a rapela Jehova, mme letsoho la morena la boela la honyela, la eba jwaloka pele.
Ereng ho Modimo: Mesebetsi ya hao e tshabeha hakakang! Ka baka la boholo ba matla a hao, dira tsa hao di ipea katlase ho wena;
Yaba Faro o phakisa a bitsa Moshe le Aarone, a re: Ke sitetswe Jehova, Modimo wa lona, le lona.
Jwale, ako tshwarele sebe sa ka lekgetlo lena feela, mme o rapele Jehova, Modimo wa lona, a ke a tlose lefu lena feela ho nna.
Eitse ha ho tsebiswa morena wa Egepeta hore setjhaba se balehile, pelo ya Faro le dipelo tsa bahlanka ba hae tsa kweneha bakeng sa setjhaba, ba re: Re ne re etsang, ha re lokolla Iseraele mosebetsing wa rona?
Moshe a nolofatsa Jehova, Modimo wa hae, a re: Oho Jehova, na bohale ba hao bo ya tukellang setjhaba sa hao seo o se ntshitseng fatsheng la Egepeta ka matla a maholo le ka letsoho le matla?
Yaba Faro o re: Jehova ke mang hore ke utlwe lentswe la hae, mme ke lokolle Iseraele? Jehova ha ke mo tsebe, le Iseraele nke ke ka mo lokolla.
Empa eitse ha Faro a bona hobane ho kgaoditswe, a ithatafatsa pelo, a se ke a ba mamela, jwalokaha Jehova a ne a boletse.
Moshe a re: Bona, ke ya tloha ho wena, mme ke tla rapela Jehova; hosasane, menwang e tla tloha ho Faro, le ho bahlanka ba hae, le ho setjhaba sa hae, empa feela Faro a se ke a hlola a etsa ka mano, a hana ho lokolla setjhaba hore se ye ho hlabela Jehova.
Empa Faro a boela a ithatafatsa pelo le ka lekgetlo lena, mme a se ke a lokolla setjhaba.
Moshe a re ho Faro: Mpeele nako eo ke tlang ho o rapella ka yona, wena le bahlanka ba hao, le setjhaba sa hao, hore dihohwana di tlohe ho wena, le matlung a hao, di sale nokeng feela.
Yaba Faro o romela ho bitsa Moshe le Aarone, a re ho bona: Kajeno ke sitetswe Jehova; ke yena ya lokileng, nna le setjhaba sa ka re molato.
Rapelang Jehova hore ho se ke ha hlola ho eba diaduma tsa Modimo, kapa sefako; ke tla le lokolla le ye, mme ha le sa tla hlola le thibelwa.
Yaba Moshe o tloha pela Faro, a tswa motseng; a otlollela matsoho a hae ho Jehova; yaba diaduma le sefako di a kgaotsa, le pula ya esa lefatsheng.
Jwale setjhaba sa tla ho Moshe, sa re: Re sitilwe, hobane re buile hampe ka Jehova le ka wena. Rapela Jehova hore a tlose dinoha tsena ho rona. Moshe a rapella setjhaba.
Simone a araba, a re: Nthapelleng e le lona ho Morena, hore ke se ke ka welwa ke ntho le e nngwe ya tseo le di boletseng.
Setjhaba sohle sa re ho Samuele: Rapella bahlanka ba hao ho Jehova, Modimo wa hao, re tle re se ke ra shwa; hobane re ekeditse makgopo wohle a rona ka bobe boo ba ho ikopela morena.