Eksoda 5:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)2 Yaba Faro o re: Jehova ke mang hore ke utlwe lentswe la hae, mme ke lokolle Iseraele? Jehova ha ke mo tsebe, le Iseraele nke ke ka mo lokolla. Ver CapítuloBIBELE2 Faro a re: “Morena eo ke mang, eo ke tshwanelang ho mamela lentswe la hae, ebe ke lokolla Baiseraele? Nna ha ke tsebe Morena; ebile ha nka ke ka lokolla Baiseraele!” Ver Capítulo |
Jwale, ke re: Esekiase a se ke a le thetsa, a se ke a le phoma ka mokgwa oo, mme le se ke la mo dumela; hobane ha ho modimo, leha e le wa setjhaba sefe kapa wa mmuso ofe, o tsebileng ho namolela setjhaba sa wona matsohong a ka le matsohong a bontate; ha ho le jwalo, Modimo wa lona wona o ka sitwa hakakang ho le namolela matsohong a ka!
Jwale he, ka nako eo le utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, ha le kgumama, le rapela setshwantsho seo ke se entseng, ke hantle; empa ha le sa kgumame, le tla akgelwa hanghang seboping sa mollo o bohale; mme modimo ke ofe o tlang ho le lokolla letsohong la ka?