Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 5:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ba re: Modimo wa Baheberu o itlhahisitse ho rona; ako re dumelle, re tsamaele lefeelleng matsatsi a mararo, re ye ho etsetsa Jehova, Modimo wa rona, sehlabelo, esere mohlomong a re wela hodimo ka lefu, leha e le ka lerumo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Yaba ba re ho yena: “Modimo wa Baheberu o teane le rona; re dumelle jwale, re a kopa, re nke leeto la matsatsi a mararo, re ye lehwatateng, re yo etsetsa Morena Modimo wa rona, sehlabelo, esere a re bolaya ka lefu la sewa, kapa ka sabole.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 5:3
12 Referencias Cruzadas  

Ha ba sa qala ho dula teng, ba ne ba sa tshabe Jehova; ebile Jehova o romela ditau hara bona, tsa bolaya ba bang.


Jwale, le se ke la hlola le satalatsa melala ya lona, jwaloka bontata lona; le mpe le tshwarane matsoho le Jehova, mme le tle sehalalelong sa hae seo a se halaleditseng ka ho sa feleng; mme le sebeletse Jehova, Modimo wa lona, hore bohale ba kgalefo ya hae bo le kgelohe.


Tsohle tse laetsweng ke Modimo wa mahodimo di ke di etsetswe ntlo ya Modimo wa mahodimo ka mokgwa o phethehileng, hore kgalefo ya wona e tle e se ke ya eba hodima mmuso le morena le bara ba hae.


Ba tla mamela lentswe la hao, mme o tla ya, wena le baholo ba Iseraele, ho morena wa Egepeta, mme le tla re ho yena: Jehova, Modimo wa Baheberu, o tlile ho rona, mme jwale, ako re dumelle; re ye tsela ya matsatsi a mararo lefeelleng, re tle re hlabele Jehova, Modimo wa rona, mahlabelo.


o re ho yena: Jehova, Modimo wa Baheberu, o nthomile ho wena, a re: Tlohela setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa lefeelleng; ke mona ho fihlela jwale, ha o eso ho utlwe.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Eya ho Faro, o re ho yena: Ho thwe ke Jehova: Tlohela setjhaba sa ka se ye ho ntshebeletsa.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Tsohela ka meso, o ye ho ema pela Faro; o tla mmona ha a tswela metsing; o re ho yena: Ho thwe ke Jehova: Lokolla setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa.


Re tla ya leeto la matsatsi a mararo feelleng, e be hona re hlabelang Jehova, Modimo wa rona kamoo a tlang ho re bolella kateng.


Morena Jehova o re: Opa ka diatla, o tile ka leoto, o re: Jo nna! ka baka la manyala wohle a mabe a ntlo ya Iseraele! ba ya wa ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu la sewa!


Ke tla kenya lerumo hara lona, le tlang ho pheteletsa selekane sa ka; etlare ha le bokane metseng ya lona, ke tla romela lefu la sewa hara lona, mme le tla neelwa matsohong a dira.


Jehova o tla etsa hore lefu le o kgomarele, a be a o fedise lefatsheng leo o yang ho le rua.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos