Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 5:2 - BIBELE

2 Faro a re: “Morena eo ke mang, eo ke tshwanelang ho mamela lentswe la hae, ebe ke lokolla Baiseraele? Nna ha ke tsebe Morena; ebile ha nka ke ka lokolla Baiseraele!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Yaba Faro o re: Jehova ke mang hore ke utlwe lentswe la hae, mme ke lokolle Iseraele? Jehova ha ke mo tsebe, le Iseraele nke ke ka mo lokolla.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 5:2
25 Referencias Cruzadas  

Ke modimo ofe, hara medimo ya dinaha tsee, o kileng wa lopolla naha ya oona matsohong a ka, hoo jwale le hopolang hore Morena o tla lopolla Jerusalema matsohong a ka?’ ”


Ke modimo ofe, hara medimo yohle ya ditjhaba tseo, tseo bo-ntate ba ileng ba di timetsa, o kileng wa tseba ho pholosa setjhaba sa wona matsohong a ka? Jwale lona, Modimo wa lona a ka le pholosa jwang matsohong a ka?


Bonang mona, Hesekiya a se ke a nna a le thetsa, a nna a le kgelosa ka mokgwa o tjena. Le se ke la mo mamela, hobane ha ho modimo wa setjhaba sefe kapa sefe, leha e le wa mmuso ofe kapa ofe, o kileng wa pholosa batho ba wona matsohong a ka, le matsohong a bo-ntate. Le lona, Modimo eo wa lona a ke ke a le pholosa matsohong a ka!’ ”


Ba nyefola Modimo wa Jerusalema, jwalokaha eka ba nyefola medimo ya ditjhaba tsa dinaha tse ding, e leng e entsweng ka matsoho a batho.


Wa etsetsa Faro dipontsho le dimakatso, wa di etsetsa bahlanka ba hae, wa di etsetsa le tjhaba sohle sa naha ya hae, hobane o no tseba boikalatiso ba bona, kamoo ba ikalatisetsang bona kateng. Bitso la hao la tuma, jwalokaha le tumile kajeno.


hoba o kokoseditse Modimo letsoho, o iketsa senatla ho Ya Matla wohle.


O mo kgorohela a sataladitse molala, thebe e shahlileng a e utlile ka mallela.


Ya Matla wohle re ka mo sebeletsa ha e le mang? Ho mo rapela ebe ho ka re putsa ka eng?’


Ya kgopo o swenya dinko, o re: “Modimo ha a phetetse, ha ho na Modimo.” Ke phetho seo a se nahanang.


Morena a ke a fedise bohle, bohle ba maleme a monate, le bohle ba melomo e ikakasang,


e leng batho ba reng: “Re tla hlola ka maleme a rona; re tseba ho ipuella, ke mang ya ka re busang?”


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ka pelong sethoto se re: “Ha ho na Modimo.” Diketso tsa batho di bodile, di a nyonyeha, ha ho le ya mong ya etsang tse ntle.


Feela ke a tseba hore kgosi ya Egepeta e ke ke ya le dumella ho tsamaya, haese ha e etswa ka matla hore e etse jwalo.


Morena o bua tjena: ‘Ka sena o tla tseba hore ke nna Morena. Bona, ka molamu o ka letsohong la ka ke tla otla hodima metsi a ka nokeng, mme a tla fetoha madi.


esere ha ke kgotshe yaba ke a o latola, ke re: ‘Morena ke mang?’ Kapa ka futsaneha, yaba ke a utswa, mme ka tlaela ka lebitso la Modimo wa ka.


“Empa haeba le re: ‘Ha re ka ke ra phela naheng ena,’ mme le sa mamele lentswe la Morena Modimo wa lona;


“Tahisang Moabe, hoba e ikakaseditse Morena, e tloheleng e qhafutse kahara mahlatsa a yona, e tloheleng e fetohe, e be sesomo.


Jwale, haeba le itokiseditse hore ha le utlwa ho lla ha lenaka, le ha lekodilo, le ha harepa, le ha lekoope, le ha seletsa se kgwele di leshome, le ha diphala, le mmino wa mefuta yohle, le tla itihela fatshe, le kgumamele setshwantsho seo ke se entseng, e tla ba ho lokile. Empa haeba le sa se kgumamele, le tla akgelwa hanghang kahara sebopi se tukang malakabe. Ebe modimo eo ya ka le namolelang matsohong a ka ke mang?”


Tsena tsohle ba tla di etsa hobane ba sa ka ba tseba Ntate leha e le nna.


Kaha ba ne ba sa bone ho hlokeha hore ba amohele Modimo eo ba mo tsebileng, Modimo o ba tloheletse ba ntse ba tsherehane dikelello, e le hore ba etse tse sa tshwanelehang.


a le hara malakabe a mollo, ho ahlola ba sa tsebeng Modimo le ba sa mameleng molaetsa o molemo wa Morena wa rona Jesu.


Ha moloko oo wohle o se o oroseditswe ho bo-ntata wona, ha hlaha moloko o mong, o sa kang wa tseba Morena, kapa mesebetsi eo Morena a e etseditseng Baiseraele.


Bara ba Eli e ne e le banna ba kgopo, ba sa tsotelleng Morena,


Nabale a araba bahlanka ba Davida, a re: “Davida ke mang? Mora wa Jese yena ke mang? Mehleng ena ho na le bahlanka ba bangata, ba thobelang beng ba bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos