Jehova a fokisa moya o matla haholo wa bophirimela, mme wa fefola tsie, wa e lahlela Lewatleng le Lefubedu, mme ha ho a ka ha sala tsie leha e le nngwe naheng yohle ya Egepeta.
Yaba Faro o bitsa Moshe le Aarone, a re: Rapelang Jehova hore a tlose dihohwana ho nna le ho setjhaba sa ka; ke tswe ke lokolla setjhaba, se tle se ye ho etsetsa Jehova mahlabelo.
Moshe a re ho Faro: Mpeele nako eo ke tlang ho o rapella ka yona, wena le bahlanka ba hao, le setjhaba sa hao, hore dihohwana di tlohe ho wena, le matlung a hao, di sale nokeng feela.
Empa nna, ke re ho lona: Ratang bao e leng dira ho lona, le hlohonolofatse ba le rohakang; ba le hloileng le ba etse hantle, le rapelle ba le tsohelang matla le ba le hlorisang;