Yaba Morena o tsosa moya wa bophirimela, o matla haholo; wa fefola ditsie, wa ya di thesemetsa Lewatleng la Lehlaka, mme ha se ke ha sala tsie leha e le nngwe feela naheng yohle ya Egepeta.
Faro a bitsa Moshe le Arone, a re: “Rapelang Morena hore a tlose dihohwana tsena ho nna le ho setjhaba sa ka, mme ke tla lokolla setjhaba hore se yo etsetsa Morena sehlabelo.”
Yaba Moshe o re ho Faro: “Eba mosa ho kgetha nako eo ke tla o rapella ka yona, wena mmoho le bahlanka ba hao, le setjhaba sa hao, hore dihohwana di tloswe ho wena, le ka tlung ya hao, di sale ka nokeng feela.”