Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 10:19 - BIBELE

19 Yaba Morena o tsosa moya wa bophirimela, o matla haholo; wa fefola ditsie, wa ya di thesemetsa Lewatleng la Lehlaka, mme ha se ke ha sala tsie leha e le nngwe feela naheng yohle ya Egepeta.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Jehova a fokisa moya o matla haholo wa bophirimela, mme wa fefola tsie, wa e lahlela Lewatleng le Lefubedu, mme ha ho a ka ha sala tsie leha e le nngwe naheng yohle ya Egepeta.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 10:19
7 Referencias Cruzadas  

Ke ikela jwaloka meriti e theang, ke fefolwa jwaloka tsie.


Moshe a tloha ho Faro, a ya rapela Morena.


Empa Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, mme a se ke lokolla bana ba Iseraele.


Empa Modimo a tsamaisa setjhaba seo ka tsela e potang lehwatateng, e lebang Lewatleng la Lehlaka. Bana ba Iseraele ba nyoloha naheng ya Egepeta ba hlometse.


O dihetse dikariki tsa Faro, le mabotho a hae ka lewatleng, mokgetho wa balaodi ba hae wa teba Lewatleng la Lehlaka.


“Ke tla leleka lebotho le tswang leboya, ke le lelekele naheng e ommeng, naha ya matswatlare, sehlooho sa lona se lebe watleng le ka botjhabela, serao se lebe watleng le ka bophirima. Ditopo tsa lona di tla nkga, di nkge di re phu! Seputa sa tsona se etse sehou, hobane lebotho leo le entse tse kgolo.”


Ka tumelo Baiseraele ba ile ba tshela Lewatle le Lefubedu, jwaloka hoja ba tsamaya mobung o ommeng; athe Baegepeta ba ileng ba leka ho ba etsisa, le ile la ba metsa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos