Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 10:17 - BIBELE

17 Jwale ke a le kopa: a le ke le ntshwarele sebe sena sa ka lekgetlo lena feela, mme le rapele Morena Modimo wa lona, hore a mpe a tlose lefu lena ho nna.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Jwale, ako tshwarele sebe sa ka lekgetlo lena feela, mme o rapele Jehova, Modimo wa lona, a ke a tlose lefu lena feela ho nna.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 10:17
13 Referencias Cruzadas  

Kgosi ya re ho moporofeta wa Modimo: “Ako rapele Morena Modimo wa hao, o nthapelle hore letsoho la ka le fole.” Moporofeta enwa wa Modimo a rapela Morena, mme letsoho la kgosi la fola, la eba jwaloka pele.


Ba qhatsetsa banna bao hore ba ke ba habole. Ha ba qala ba habola lesheleshele leo, ba howa, ba re: “Oho, moporofeta wa Modimo, ba re tsheletse!” Yaba ha ba sa le habola.


Ke ha Faro a re: “Ke tla le lokolla, le tle le yo etsetsa Morena Modimo wa lona, sehlabelo lehwatateng. Feela le se ke la ya hole, mme le nna le be le nthapelle.”


Dihohwana di tla tlolela hodima hao, le hodima setjhaba sa hao, le hodima bahlanka ba hao bohle.’ ”


Faro a bitsa Moshe le Arone, a re: “Rapelang Morena hore a tlose dihohwana tsena ho nna le ho setjhaba sa ka, mme ke tla lokolla setjhaba hore se yo etsetsa Morena sehlabelo.”


Yaba Faro o romela batho ho bitsa Moshe le Arone, mme a re ho bona: “Ha e le kajeno ke sitilwe. Morena o lokile; nna le setjhaba sa ka ke rona ba kgopo.


Nthapelleng ho Morena. Letolo lena la Modimo le sefako, di feta tekanyo; ke tla le lokolla, mme le ke ke la hlola le dula mona.”


Morena, ba tlile ho wena ba tsielehile, ha o ba kgalema yaba ba a o rapela.


Setjhaba sa tla ho Moshe, sa re: “Re entse sebe, hobane re lwantshitse Morena, le wena re o lwantshitse. Ako rapele Morena hore a tlose dinoha tsena hara rona.” Moshe a rapella setjhaba.


Simone a araba, a re: “Lona a le ke le nthapelle ho Morena, hore ke se ke ka hlahelwa ke letho la tseo le di boletseng.”


Bana beso, ka Morena wa rona Jesu Kreste le ka lerato la Moya, ke a le rapela hore le nthuse ka ho nthapella ho Modimo,


e leng yena ya re pholositseng kotsing e kaalo ya ho shwa, mme o tla boela a re pholose. Re tshepile hore o tla nne a re pholose,


Ka baka leo, ke a o rapela: Ntshwarele sebe sa ka, mme o kgutle le nna, ke yo kgumamela Morena.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos