Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 10:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Jwale, ako tshwarele sebe sa ka lekgetlo lena feela, mme o rapele Jehova, Modimo wa lona, a ke a tlose lefu lena feela ho nna.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Jwale ke a le kopa: a le ke le ntshwarele sebe sena sa ka lekgetlo lena feela, mme le rapele Morena Modimo wa lona, hore a mpe a tlose lefu lena ho nna.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 10:17
13 Referencias Cruzadas  

Yaba morena o bua, a re ho monna wa Modimo: Ako rapele Jehova, Modimo wa hao, o nthapelle hore letsoho la ka le tsebe ho honyetswa. Monna wa Modimo a rapela Jehova, mme letsoho la morena la boela la honyela, la eba jwaloka pele.


Jwale, ba tsholela banna, ba re, ba je; yare ha ba eja meroho, ba howeletsa, ba re: Oho, monna wa Modimo, lefu le ka pitseng. Ba sitwa ho ja.


Yaba Faro o re: Ke tla le lokolla, le tle le ye ho hlabela Jehova, Modimo wa lona, lefeelleng; empa le se ke la ya hole hakakang; nthapelleng.


Dihohwana di tla o hlwellela hodimo, wena le setjhaba sa hao, le bahlanka ba hao kaofela.


Yaba Faro o bitsa Moshe le Aarone, a re: Rapelang Jehova hore a tlose dihohwana ho nna le ho setjhaba sa ka; ke tswe ke lokolla setjhaba, se tle se ye ho etsetsa Jehova mahlabelo.


Yaba Faro o romela ho bitsa Moshe le Aarone, a re ho bona: Kajeno ke sitetswe Jehova; ke yena ya lokileng, nna le setjhaba sa ka re molato.


Rapelang Jehova hore ho se ke ha hlola ho eba diaduma tsa Modimo, kapa sefako; ke tla le lokolla le ye, mme ha le sa tla hlola le thibelwa.


Jehova, ba tadimile ho wena matswalong a bona, ba tsholotse merapelo ya bona, mohla ba utlwang dikotlo tsa hao.


Jwale setjhaba sa tla ho Moshe, sa re: Re sitilwe, hobane re buile hampe ka Jehova le ka wena. Rapela Jehova hore a tlose dinoha tsena ho rona. Moshe a rapella setjhaba.


Simone a araba, a re: Nthapelleng e le lona ho Morena, hore ke se ke ka welwa ke ntho le e nngwe ya tseo le di boletseng.


Jwale, banabeso, ke a le rapela, ka baka la Morena wa rona Jesu Kreste, le ka lerato la Moya, hore le lona le tle le ntwanele merapelong eo le nketsetsang yona ho Modimo;


e leng wona o re pholositseng lefung le lekalo, mme o sa ntse o re pholosa, mme re tshepile hoba o sa tla nne o re pholose,


O ke o ntshwarele sebe sa ka, re kgutle le wena, ke tle ke kgumamele Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos