Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 10:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Yaba Faro o phakisa a bitsa Moshe le Aarone, a re: Ke sitetswe Jehova, Modimo wa lona, le lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Faro a bitsa Moshe le Arone ka potlako, a re ho bona: “Ke sitetswe Morena Modimo wa lona; le lona ke le sitetswe.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 10:16
14 Referencias Cruzadas  

hobane, ke le mohlanka wa hao, ke tseba hobane ke sitilwe; ke ka baka leo ke fihlileng kajeno ke le wa ho qala ho bohle ba ntlo ya Josefa, ho kgahlanyetsa morena, monga ka.


Eitse hobane Davida a bale setjhaba, letswalo la hae la mo loma, mme Davida a re ho Jehova: Ke sitilwe haholo ka seo ke se entseng. Oho Jehova, tlosa bokgopo ba mohlanka wa hao jwale; efela ke entse ka bothoto bo boholo.


Davida, ha a bona lengeloi le bolayang setjhaba, a bolella Jehova, a re: Bona, ke nna ke entseng hampe; nku tseo tsona di entseng? Tsoho la hao le otle nna le ntlo ya ntate!


Yaba Faro o bitsa Moshe le Aarone, a re: Tsamayang, le ye ho hlabela Modimo wa lona naheng ena.


Yaba Faro o bitsa Moshe le Aarone, a re: Rapelang Jehova hore a tlose dihohwana ho nna le ho setjhaba sa ka; ke tswe ke lokolla setjhaba, se tle se ye ho etsetsa Jehova mahlabelo.


Yaba Faro o romela ho bitsa Moshe le Aarone, a re ho bona: Kajeno ke sitetswe Jehova; ke yena ya lokileng, nna le setjhaba sa ka re molato.


Ya patang melato ya hae a ke ke a hlohonolofala; empa ya e bolelang, a e bakela, o tla fumana mohau.


Jwale setjhaba sa tla ho Moshe, sa re: Re sitilwe, hobane re buile hampe ka Jehova le ka wena. Rapela Jehova hore a tlose dinoha tsena ho rona. Moshe a rapella setjhaba.


Balaame a re ho lengeloi la Jehova: Ke sitilwe kahobane ke ne ke sa tsebe hoba o eme pela ka tseleng; mme jwale, ha o nnyatsa, ke tla kgutla.


a re: Ke sitilwe ha ke ekile madi a se nang molato. Ba re: E ka ba eng ho rona? Ho iponele wena teng.


Moo Saule a re ho Samuele: Ke sitilwe, hobane ke tlotse molomo wa Jehova le taba tsa hao; empa ke ne ke tshaba setjhaba, ka mamela mantswe a sona ke hona.


Saule a re: Ke sitilwe; leha ho le jwalo, ako ntlhonephe jwale pontsheng ya baholo ba setjhaba sa ka le pontsheng ya Iseraele, re kgutle le wena, ke tle ke kgumamele Jehova, Modimo wa hao.


Ebile Saule o re: Ke sitilwe; boya, Davida, mora ka, hobane ha ke sa tla hlola ke o etsa hampe, ka baka la hobane bophelo ba ka bo bile thata mahlong a hao kajeno lena; bona, ke entse ka bothoto, ke fositse haholoholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos