Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 10:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Hobane e ne e kwahele bophara bohle ba lefatshe, naha ya ba ya fifala; ya eja dimela tsohle tsa naha le ditholwana tsohle tsa difate tse neng di siilwe ke sefako; ha ho a ka ha ba ha sala botala difateng, leha e le dimeleng tsa naha, lefatsheng lohle la Egepeta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Di ne di aparetse naha hoo ho neng ho bonahala botsho ba tsona feela; tsa eja dimela tsohle tse naheng eo, le ditholwana tsohle tse difateng, tseo sefako se neng se di siile. Ha ho a ka ha sala letho le letalana difateng le dimeleng tsa naha, naheng yohle ya Egepeta.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 10:15
11 Referencias Cruzadas  

Ka diboko wa fedisa masimo a bona, le ka tsie ditholwana tsa tshebetso ya bona.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Otlollela letsoho la hao hodima lefatshe la Egepeta, tsie e ke e tle naheng ya Egepeta, e je dimela tsohle tsa lefatshe, tsohle tse siilweng ke sefako.


di tla aparela bophara ba naha, motho a be a sitwe ho bona lefatshe; di tla ja mesaletsa e phonyohileng, eo le e sietsweng ke sefako, di je difate tsohle tse ntseng di metse masimong a lona.


ke ditsie, leha di se na marena, di tsamaya ka makgotla;


Se siilweng ke bookgolane, se jelwe ke tsie; se siilweng ke tsie se jelwe ke marutle; se siilweng ke marutle, seongwane se se jele.


ke tla le buseletsa dilemo tse kileng tsa jewa ke bookgolane, le ke tsie, le ke marutle, le ke seongwane, kgotla la ka le leholo leo ke le rometseng hara lona.


Eitse ha di qetile ho ja jwang bohle bo bong ba lefatshe, ka re: Oho Morena Jehova, tshwarela hle! Na Jakobo o tla ema jwang, athe o monyenyane?


Yaba o romela manqosa ho ya bitsa Baalame, mora Beore, ya neng a ahile Pethore e pela noka, naheng ya bara ba setjhaba sa hae, mme a re ho yena: Bona, setjhaba se tswile Egepeta; se apesitse lefatshe, mme se ahile mabapa le nna.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos