Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 10:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Tsie ya aparela lefatshe lohle la Egepeta, ya dula fatshe dinaheng tsohle tsa Egepeta, e le ngata hampe; pele ho yona ho ne ho eso ho be tsie e ka ka yona, le kamorao ho yona ha ho ka ke ha eba e kalo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Ditsie tsa aparela naha yohle ya Egepeta, tsa hwaramana naheng yohle ya Egepeta, e le boiyane bo tshabehang. Pele ho tsona ho ne ho eso be le ditsie tse kang tsona; le kamorao ho tsona ha di sa tla ba teng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 10:14
13 Referencias Cruzadas  

Leha tlala e wele lefatsheng, leha e le lefu la sewa, leha e le boroku, kapa ho le phori, leha ho wele tsie, kapa hlafa, leha dira tsa bona di ka ba qotsetsa lefatsheng la metse ya bona; leha ho hlahile lefu le befang, leha e le pabo efe le efe;


Ka diboko wa fedisa masimo a bona, le ka tsie ditholwana tsa tshebetso ya bona.


Ho ya ba dillo tse kgolo naheng yohle ya Egepeta, tseo ho esong ho be tse kalo, mme ho ke keng ha hlola ho eba tse kalo.


bona, hosasa, ka nako ena, ke tla nesa sefako se seholo ka ho fetisisa, seo ho esong ho be se jwalo Egepeta, haesale e eba teng ho fihlela la kajeno.


ke ditsie, leha di se na marena, di tsamaya ka makgotla;


Se sentse merara ya ka le difate tsa ka tsa difeiye, se di entse patsi feela; se di ebotse makgapetla a tsona, se di lahletse fatshe, makala a tsona a bile a sweufetse.


O tla isa peo e ngata masimong a hao, empa o tla kotula ho seng hokae, hobane tsie e tla e ja.


Difate tsa hao tsohle, le tse behwang ke lefatshe, di tla senngwa ke makgokolo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos