Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 10:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Yaba Moshe o emisetsa lere la hae hodima naha ya Egepeta, mme Jehova a fokisa moya wa botjhabela lefatsheng ka tsatsi leo lohle le ka bosiu boo bohle; ha bo esa, moya wa botjhabela wa fihlisa tsie.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Moshe a phahamisetsa molamu wa hae hodima naha ya Egepeta, mme Morena a fokisa moya wa botjhabela hodima lefatshe, letsatsi lohle le bosiu bohle. Ha bo esa, moya wa botjhabela wa tlisa ditsie.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 10:13
11 Referencias Cruzadas  

A ba a bona le qwapi tse supileng tse phutsitseng, tse tjheleng ke moya wa botjhabela, di mela kamora tseo.


A bolela, mme ha tla tsie, tsie e sa balweng,


mollo, le sefako, lehlwa le mehodi, meya ya difefo e phethang ditaelo tsa hae;


Wa fokisa moya wa botjhabela sebakeng, ka matla a wona wa tlisa moya wa borwa,


Ka diboko wa fedisa masimo a bona, le ka tsie ditholwana tsa tshebetso ya bona.


Moshe a otlollela letsoho la hae hodima lewatle, mme Jehova a suthisa lewatle ka moya o matla wa botjhabela o fokang ka bosiu bohle, lewatle a le fetola mobu o omileng, mme metsi a phatloha.


ke ditsie, leha di se na marena, di tsamaya ka makgotla;


Empa Jehova a tsosa moya o moholo lewatleng, mme ha tsoha sefefo se seholo lewatleng, sekepe sa ba sa batla se robeha.


Yare ha tsatsi le tjhaba, Jehova a hlahisa moya o bohale wa botjhabela, mme letsatsi la bata hlooho ya Jonase, a ba a kgathala, a qela lefu, a re: Ho leng molemo ho nna ke ho shwa, e seng ho phela.


Batho bao ba tsota haholo, ba re: Enwa ke ya jwang, ha a utluwa le ke meya le lewatle?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos