Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 32:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Moshe a nolofatsa Jehova, Modimo wa hae, a re: Oho Jehova, na bohale ba hao bo ya tukellang setjhaba sa hao seo o se ntshitseng fatsheng la Egepeta ka matla a maholo le ka letsoho le matla?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Yaba Moshe o leka ho kokobetsa kgalefo ya Morena Modimo wa hae, o re: “Ke ka lebaka lang, Morena, kgalefo ya hao e tlokomelang setjhaba sa hao, seo o se ntshitseng naheng ya Egepeta, ka matla a maholo, le ka letsoho le matla?

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 32:11
23 Referencias Cruzadas  

Abrahama a araba, a re: Bona hle, ke betile pelo ho buisana le Morena, leha ke le lerole le molora feela.


Hobane ke setjhaba sa hao, ke lefa la hao, hobane o ne o ba ntshe Egepeta, seboping sa tshepe.


Jwale, bao ke bahlanka ba hao, ke setjhaba sa hao, seo o se lopolotseng ka matla a hao a maholo le ka letsoho la hao le matla.


Wa re, o a ba fedisa; empa Moshe, mokgethwa wa wona, a kena dipakeng tsa wona le bona ho faposa bohale ba wona, hore ba se ke ba fediswa.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Ema, o theohe, hobane tjhaba sa hao, seo o se nyolotseng fatsheng la Egepeta, se itshentse.


Ka baka lena, e reng ho bana ba Iseraele: Ke nna Jehova, ke tla le jarolla boima ba Baegepeta, ke le lwele ditlamong tsa bona, ke le lopolle ka letsoho le otlolohileng, le ka dikahlolo tse kgolo.


Yaba Faro o bitsa Moshe le Aarone, a re: Rapelang Jehova hore a tlose dihohwana ho nna le ho setjhaba sa ka; ke tswe ke lokolla setjhaba, se tle se ye ho etsetsa Jehova mahlabelo.


Oho Jehova, o re kgelosetsang ditsela tsa hao, o thatafaletsang dipelo tsa rona, re ke re lese ho o tshaba? Rekoloha ka baka la bahlanka ba hao, e leng meloko ya lefa la hao!


Empa Jehova a re ho nna: Le hoja Moshe le Samuele ba ka ema pela ka, pelo ya ka e be e ke ke ya hauhela setjhaba sena. O tlo o se leleke pela ka, se tlohe.


Bona, Jehova, o tadime eo o mo entseng jwalo. Ho jwang, ha basadi ba ile ba eja ditholwana tsa bona, bana bao ba bileng ba ba emara? Keng, ha ho ile ha bolawa moprista le moporofeta sehalalelong sa Morena na?


Ka mpa ka etsa ka baka la lebitso la ka, hore ke se ke ka le hlompholla pela ditjhaba tseo ba neng ba le ho tsona, tseo ke neng ke ipoletse ho bona pela tsona, ka re, ke tla ba ntsha naheng ya Egepeta.


Mme jwale, Jehova, Modimo wa rona, wena ya ntshitseng setjhaba sa hao naheng ya Egepeta ka letsoho le matla, ya iketseditseng lebitso le tumileng le kajeno, re sitilwe, re entse ka bolotsana.


Mahareng a mathule le aletare, ha ho lle baprista, bahlanka ba Jehova, ba ke ba re: Oho Jehova, qenehela setjhaba sa hao, o se ke wa neela lefa la hao ho hlomphollwa, ba tle ba songwe ke baditjhaba! Na o re, ho bolelwe hara ditjhaba, ho thwe: Modimo wa bona o kae?


Moshe a re ho Jehova: A ke ka baka lang o swabisang mohlanka wa hao na? Ke ba baka lang ha ke sa ka ka fumana mohau pela mahlo a hao, haele moo o ntjarisitse phahlo ya setjhaba sena kaofela?


Moshe a re ho Jehova: Baegepeta ba tla utlwa taba tseo, bona bao o ntshitseng setjhaba sena hara bona ka matla a hao,


Yaba ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: Oho, Modimo, wena, Modimo wa meya ya nama yohle, na leha ho sitilwe motho a le mong, o ka halefela phutheho yohle na?


Jwale setjhaba sa tla ho Moshe, sa re: Re sitilwe, hobane re buile hampe ka Jehova le ka wena. Rapela Jehova hore a tlose dinoha tsena ho rona. Moshe a rapella setjhaba.


A ke ka baka lang ha lebitso la ntata rona le tloswa lelokong la hae, kahobane a sa ka a ba le mora? O re fe lefa hara banababo ntata rona.


Ke swabile ha ke beile Saule morena; hobane o mphuraletse, mme ha a phetha mantswe a ka. Moo Samuele a hlomoha, a howeletsa ho Jehova bosiu bohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos