Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 9:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Yaba Moshe o tloha pela Faro, a tswa motseng; a otlollela matsoho a hae ho Jehova; yaba diaduma le sefako di a kgaotsa, le pula ya esa lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

33 Yaba Moshe o tloha ho Faro, o tswa motseng, o phahamisetsa matsoho a hae ho Morena, mme letolo le sefako tsa kgaotsa, le pula ya se ke ya hlola e potlelana.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 9:33
8 Referencias Cruzadas  

Ebile Salomone o ema pela aletare ya Jehova, pontsheng ho phutheho yohle ya Iseraele, a emisetsa matsoho a hae mahodimong,


Yaba Moshe le Aarone ba tloha pela Faro, mme Moshe a howeletsa ho Jehova ka baka la dihohwana tseo a di hlahiseditseng Faro.


Yaba Faro o bitsa Moshe le Aarone, a re: Rapelang Jehova hore a tlose dihohwana ho nna le ho setjhaba sa ka; ke tswe ke lokolla setjhaba, se tle se ye ho etsetsa Jehova mahlabelo.


Yaba Moshe o re ho yena: Etlare ha ke etswa motseng, ke tla otlollela matsoho a ka ho Jehova; diaduma di tla kgaotsa, sefako le sona se fele, hore o tle o tsebe hobane lefatshe ke la Jehova.


empa koro le mabele di ne di sa ka tsa otlwa, hobane di dieha ho mela.


Eitse ha Faro a bona hobane pula le sefako le diaduma di kgaoditse, a eketsa ho etsa hampe, a ithatafatsa pelo, yena le bahlanka ba hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos