Eksoda 8:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)29 Moshe a re: Bona, ke ya tloha ho wena, mme ke tla rapela Jehova; hosasane, menwang e tla tloha ho Faro, le ho bahlanka ba hae, le ho setjhaba sa hae, empa feela Faro a se ke a hlola a etsa ka mano, a hana ho lokolla setjhaba hore se ye ho hlabela Jehova. Ver CapítuloBIBELE29 Moshe a re: “Jwale ke se ke tla tloha ho wena, ho ya rapela Morena, mme hosasane diboba di tla tloha ho Faro, le ho bahlanka ba hae, le ho setjhaba sa hae; feela Faro a kgaotse ho nna a re thetsa, a hana ho lokolla setjhaba ho ya etsetsa Morena sehlabelo.” Ver Capítulo |