Ba besa Paseka mollong, ka taelo; haele dinama tse halalelang, ba di pheha dipitseng tse kgolo, le dipitseng tse nyenyane, le dipaneng; ba ntoo phakisa ho di isa ho bana bohle ba setjhaba.
Eksoda 12:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba ja nama ya yona ka bosiu boo e besitswe ka mollo, ba e jellele le bohobe bo se nang ditomoso, le meroho e babang. BIBELE Ba je nama eo hona bosiung bona boo, e besitswe, ba e jelelle le bohobe bo sa lomoswang, le ka moroho o babang. |
Ba besa Paseka mollong, ka taelo; haele dinama tse halalelang, ba di pheha dipitseng tse kgolo, le dipitseng tse nyenyane, le dipaneng; ba ntoo phakisa ho di isa ho bana bohle ba setjhaba.
Ke ikela jwaloka metsi, masapo a ka kaofela a nonyetsehile; pelo ya ka, fubeng sa ka, e a qhibiliha jwaloka mafura a dinotshi;
ba ba sulafaletsa bophelo ba bona ka mosebetsi o boima wa seretse le wa setene, le ka mesebetsi yohle ya masimo, mosebetsi oo, wohle wa bona ba ne ba ba sebedisa wona ka ho ba tuba.
Le se ke la e ja e sa butswa; le se ke la e hladiya ka metsi, e mpe e beswe mollong, hlooho, le maoto, le dikateng tsa yona.
Moshe a re ho setjhaba: Elellwang letsatsi lena leo le tswileng ka lona Egepeta, tlung ya bohlanka, hobane Jehova o le ntshitse teng ka letsoho le matla; le se ke la ja se lomositsweng ka lona.
Bohobe bo sa lomoswang bo jewe ka matsatsi a supileng, mme bohobe bo lomositsweng bo se ke ba bonwa ha hao, le ditomoso di se ke tsa bonwa ha hao naheng yohle ya hao.
O se ke wa hlahisa madi a mahlabelo a ka hammoho le bohobe bo lomositsweng, mme mafura a mokete wa ka a se ke a lala a boloketswe hosasane.
O se ke wa hlahisa madi a sehlabelo sa ka a ena le bohobe bo lomositsweng, mme sehlabelo sa mokete wa Paseka se se ke sa hloha bosiu ho bolokelwa hosasane.
Modimo o ratile ho mo roba le ho mmea tlokotsing; empa etlare hobane a bee ho phela ha hae hore e be sehlabelo bakeng sa dibe, o tla bona bana, a eketse matsatsi a hae, morero wa Jehova o atlehe matsohong a hae.
Teboho tsa lona tsa setjheso di etseng ka tse lomositsweng; le laele le dikabelo tse yeng di ntshuwe ka ho ithatela ha motho, hobane ke moo le ithatelang, lona bana ba Iseraele: ho itswalo ke Morena Jehova.
Ke tla tshela moya wa mohau le wa merapelo hodima ntlo ya Juda le hodima baahi ba Jerusalema; mme ba tla tadima ho nna eo ba mo hlabileng. Ba tla mo llela, jwalokaha ho llelwa mora ya tswetsweng a nnotshi, ba hlomohe habohloko hodima hae, jwalokaha ho hlomohuwa hodima mora wa letsibolo.
Jwale, ba utlwisisa hore ditomoso tseo a itseng ba di tshabe, hase tsa bohobe, empa e le tsa thuto ya Bafarisi le ya Basadusi.
Ba re ba sa ja, Jesu a nka bohobe, mme eitse hobane a boke, a bo ngwatha, a bo nea barutuwa ba hae, a re ho bona; Nkang, le je; hona ke mmele wa ka.
O tla e apeha, o e je nqalong eo Jehova, Modimo wa hao, a tla e kgetha, mme hosasane o kgutle, o boele ditenteng tsa hao.
Le lona le fetohile baetsisi ba rona le ba Morena, ka ho amohela lentswe, hara matshwenyeho a maholo, ka thabo ya Moya o Halalelang;