Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 1:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 ba ba sulafaletsa bophelo ba bona ka mosebetsi o boima wa seretse le wa setene, le ka mesebetsi yohle ya masimo, mosebetsi oo, wohle wa bona ba ne ba ba sebedisa wona ka ho ba tuba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Ba ba sulafaletsa bophelo ka ho ba sebedisa ka thata mosebetsing wa ho etsa ditene ka letsopa, le mesebetsing yohle ya masimong; le mesebetsing yohle ya bona, eo ba neng ba ba sebedisa yona ka thata.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 1:14
30 Referencias Cruzadas  

Yaba o re ho Abrame: Tseba hoba ditloholo tsa hao e tla ba bajaki naheng eo e seng ya bona, mme e tla ba bahlanka, mme ba tla tujwa ka dilemo tse makgolo a mane.


A bolela keletso ya banna ba batjha, a re: Ha ntate a le jarisitse joko e boima, nna ke tla le ekeletsa; ntate yena o le otlile ka diphafa, nna ke tla le otla ka diphepheng.


Esale le botjheng ba ka, ba ntubile haholo,


Na le tla nne le phomole hara masaka? Mapheo a leeba a apesitswe ka silefera, le masiba a lona ka kgauta e tshehla.


Teng ka utlwa lentswe la eo ke neng ke sa mo tsebe pele; a re: Ke jarolotse lehetla la hae phahlo, matsoho a hae a lesitse ho jara seroto.


Yaba ho bewa balaodi ba mosebetsi hodima sona, ho se tuba ka mesebetsi e boima. Ba hahela Faro metse ya mediko, Pithome le Ramsese.


Baegepeta ba tuba bana ba Iseraele ka bokgoba;


Morena wa Egepeta a bolella babelehisi ba Baheberu, lebitso la e mong e le Shifra, la e mong e le Pua,


Ditshiu tse ngata ha di fetile, morena wa Baegepeta a shwa. Haele bana ba Iseraele, ba ne ba ntse ba dumaela ka baka la ho tubeha ha bona, ba meketsa, mme ho meketsa ha bona ha fihla ho Modimo, kamoo ba tubehang kateng.


Ke nna Jehova, Modimo wa hao, o o ntshitseng lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka.


Moshe a bolela jwalo ho bana ba Iseraele, empa ha ba ka ba mamela Moshe ka baka la bohloko ba pelo le la bokgoba bo thata.


Morena ya lonya ya busang setjhaba se fumanehileng, ke tau e purumang, ke bere e lapileng.


Ka baka leo, Morena, Jehova wa makgotla, o re: Wena setjhaba sa ka se ahileng Sione, o se ke wa tshoha Assiria, leha a o otla ka thupa, a emisitse molamu ho wena, jwalokaha ho kile ha etswa Egepeta.


ba neng ba ntse ba otla ditjhaba ka kgalefo, ba neng ba hlola ditjhaba ka bohale, ba ntse ba di hlorisa, ba sa di fe sebaka.


Empa ke o beile letsohong la ba o hlorisitseng, ba neng ba re ho wena: O inamele fatshe, re tle re tsamaye hodima hao! Mme wa bea mokokotlo wa hao jwaloka eka ke mobu, le jwaloka eka ke tsela ya bafeti.


Na ke tla etsang, ho bolela Jehova, ha setjhaba sa ka se tlositswe feela? Ba se etsetsang boima ba ithorisa ka sona, ho bolela Jehova; lebitso la ka le nyefolwa kamehla, ka tsatsi le leng le le leng.


Ho itima dijo hoo ke ho ratang, na hase hore o tlamolle mahlaahlela a bolotsana, o kgaole marapo a joko, o lokolle ba etseditsweng boima, o robe dijoko kaofela na?


O se ke wa mmusa ka thata, o mpe o tshabe Modimo wa hao.


le tla ba siya ka mokgwa wa lefa ho bara ba lona kamora lona, e be leruo; le tla ba boloka ka ho sa feleng tshebeletsong ya lona jwaloka makgoba. Empa haele ka banababo lona, e leng bana ba Iseraele, ho se be motho ya busang ka thata hodima ngwanabo.


O tla dula ho yena jwaloka motho ya lefjwang. A ke ke a mmusa ka thata mahlong a hao.


Ba ja nama ya ba setjhaba sa ka, ba buha letlalo la bona, ba be ba pshatle masapo a bona, ba a kgaole dikoto, jwaloka eka ba a nokela pitseng, ba kgabele le nama ya bona jwaloka hoja ba ya e kenya hara pitsa e kgolo.


Ikgelle metsi, hobane o se o tla thibellwa; tiisa diqhobosehane tsa hao: kena seretseng, o dube mobu, o hahe sebopi sa ho besa makote.


Bontata rona ba ne ba theohele Egepeta, mme ra dula teng halelele. Empa Baegepeta ba re tubile, rona le bontata rona.


Eo a etsa ka mano ho setjhaba sa rona, a hlorisa bontata rona, a ba a ba lahlisa bana ba bona, hore ba tle ba se ke ba hlola ba ata.


Ke hlile ke bontshisitse dihloriso tsa setjhaba sa ka se Egepeta, le ho dumaduma ha bona ke ho utlwile, mme ke theohetse ho ba namolela; tloo jwale, ke o rome Egepeta.


Baegepeta ba re etsa hampe, ba re hlorisa, ba re jarisa bohlanka bo thata.


Haele lona, Jehova o le nkile, mme o le ntshitse Egepeta, seboping sa tshepe, hore le be setjhaba sa hae ka sebele, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


Yena a re ho bona: Se mpitseng Naomi (ya kgahlisang); le mpe le mpitse Mara (ho baba), etswe Ya matla wohle a nkentse ka mokgwa o babang haholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos