Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 13:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Bohobe bo sa lomoswang bo jewe ka matsatsi a supileng, mme bohobe bo lomositsweng bo se ke ba bonwa ha hao, le ditomoso di se ke tsa bonwa ha hao naheng yohle ya hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Ka matsatsi a supileng le je bohobe bo sa lomoswang; bohobe bo lomositsweng bo se ke ba bonwa mahalona; le ditomoso di se ke tsa bonwa naheng ya lona.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 13:7
6 Referencias Cruzadas  

Le tla ja bohobe bo se nang ditomoso ka matsatsi a supileng, le tlose ditomoso matlung a lona ka tsatsi la pele; hobane ya ka jang bohobe bo nang le ditomoso ho qala ka tsatsi la pele ho isa ho la bosupa, motho eo o tla kgaolwa Iseraeleng.


Ka matsatsi a supileng, ditomoso di se ke tsa fumanwa matlung a lona, hobane ya ka jang se lomositsweng, motho eo o tla tloswa phuthehong ya Iseraele, kapa e leng moditjhaba, kapa e leng ya tswaletsweng naheng ya lona.


Jesu a re ho bona: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi le tsa Basadusi.


A re etseng mokete ke hona, e seng ka ditomoso tsa kgale, kapa ka ditomoso tsa lonya le tsa bobe, e mpe e be ka mahobe a se nang ditomoso, a kgabane le a nnete.


Ka matsatsi a supileng ho se ke ha bonwa ditomoso ha hao, naheng yohle ya hao; haele nama ya sehlabelo seo o se etsang ka mantsiboya a letsatsi la pele, e ka kgona ho se ke ha salla hosanane letho.


Ka tsatsi le hlahlamang Paseka, ba eja koro ya lefatshe leo; ka lona tsatsi leo, ba eja bohobe bo sa lomoswang le diqhome.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos