Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 12:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Le se ke la e ja e sa butswa; le se ke la e hladiya ka metsi, e mpe e beswe mollong, hlooho, le maoto, le dikateng tsa yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Le se ke la e ja e le tala, kapa e phehilwe ka metsi, empa kaofela ha yona e beswe mollong, mmoho le hlooho ya yona, le ditlhakwana tsa yona, le dikahare tsa yona.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 12:9
7 Referencias Cruzadas  

Ba besa Paseka mollong, ka taelo; haele dinama tse halalelang, ba di pheha dipitseng tse kgolo, le dipitseng tse nyenyane, le dipaneng; ba ntoo phakisa ho di isa ho bana bohle ba setjhaba.


Ba ja nama ya yona ka bosiu boo e besitswe ka mollo, ba e jellele le bohobe bo se nang ditomoso, le meroho e babang.


O ntoo nka mafura wohle a apesang mala, le maapara a hodima sebete, le diphio tse pedi, le mafura a tsona; o di tjheseletse aletareng.


O tla direla pheleu ka dikoto tsa yona, o hlatswe mala a yona le ditlhako tsa yona; o di bee dikotong tsa yona le hloohong ya yona;


A le nqalong e phahamileng ya hae, o rometse mollo masapong a ka, o a qetile; a tjhehela maoto a ka leraba, a nkgutlisa kasanthao, a nneela tshenyehong, ke tle ke shwe ka matsatsi wohle.


Empa diteng le ditlhako, o tla di hlatswa ka metsi; moprista o tla tjhesa ntho tseo kaofela aletareng: ke setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


O tla e apeha, o e je nqalong eo Jehova, Modimo wa hao, a tla e kgetha, mme hosasane o kgutle, o boele ditenteng tsa hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos