Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 23:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 O se ke wa hlahisa madi a mahlabelo a ka hammoho le bohobe bo lomositsweng, mme mafura a mokete wa ka a se ke a lala a boloketswe hosasane.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 “Madi a sehlabelo sa ka a se ke a nyehelwa mmoho le bohobe bo lomositsweng, leha e le ho boloka mafura a tsa mokete wa ka ho fihlela ka letsatsi le hlahlamang.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 23:18
10 Referencias Cruzadas  

Le se ke la itshiella letho la yona hosasane, mme ho ka salang ha yona hosasane, le ho tjhese mollong.


Le tla ja bohobe bo se nang ditomoso ka matsatsi a supileng, le tlose ditomoso matlung a lona ka tsatsi la pele; hobane ya ka jang bohobe bo nang le ditomoso ho qala ka tsatsi la pele ho isa ho la bosupa, motho eo o tla kgaolwa Iseraeleng.


Ba ja nama ya yona ka bosiu boo e besitswe ka mollo, ba e jellele le bohobe bo se nang ditomoso, le meroho e babang.


Moshe a re ho bona: Ho se be motho ho lona ya bolokelang letsatsi la hosasane.


Leha ho ka salla hosasane nama e nngwe ya kgethelo, le bohobe bo bong, ho setseng o tla ho tjhesa; ho se ke ha jewa, hobane ho kgethehile.


O se ke wa hlahisa madi a sehlabelo sa ka a ena le bohobe bo lomositsweng, mme sehlabelo sa mokete wa Paseka se se ke sa hloha bosiu ho bolokelwa hosasane.


Leha le hlahisetsa Jehova nyehelo efe le efe, e se ke ya etswa ka ditomoso, hobane le ke ke la tjhesetsa Jehova nyehelo ya setjheso e nang le ditomoso, leha e le dinotshi.


Ekare ha e mong a se hlahisa ka teboho, e ka kgona a hlahise hammoho le sehlabelo sa teboho bohobe bo sa lomoswang, bo dubilweng ka ole, le maqebekwane a sa lomoswang, a tlotsitsweng ka ole, le dinkgwana tsa lefi la phofo tse hadikilweng ka ole, tse dubilweng ka ole.


Nama ya sehlabelo sa teboho, sa kgotso e tla jewa ka lona letsatsi leo motho a hlahisitseng nyehelo ya hae ka lona; ho se ke ha sala letho la yona ho isa hosasa.


Ka matsatsi a supileng ho se ke ha bonwa ditomoso ha hao, naheng yohle ya hao; haele nama ya sehlabelo seo o se etsang ka mantsiboya a letsatsi la pele, e ka kgona ho se ke ha salla hosanane letho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos