Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 23:18 - BIBELE

18 “Madi a sehlabelo sa ka a se ke a nyehelwa mmoho le bohobe bo lomositsweng, leha e le ho boloka mafura a tsa mokete wa ka ho fihlela ka letsatsi le hlahlamang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 O se ke wa hlahisa madi a mahlabelo a ka hammoho le bohobe bo lomositsweng, mme mafura a mokete wa ka a se ke a lala a boloketswe hosasane.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 23:18
10 Referencias Cruzadas  

Ho se be letho leo le ka le sielang ho le ja ka la hosasane; ho ka salang ho tjheswe mollong.


“ ‘Ka matsatsi a supileng le tla ja bohobe bo sa lomoswang. Ka letsatsi la pele le tla tlosa ditomoso matlung a lona, hobane motho ya tla ja bohobe bo lomositsweng, ka matsatsi ana a supileng, o tla kgaolwa setjhabeng sa Iseraele.


Ba je nama eo hona bosiung bona boo, e besitswe, ba e jelelle le bohobe bo sa lomoswang, le ka moroho o babang.


Moshe a re ho bona: “Ho se be ya bolokelang letsatsi la hosasane!”


Haeba ho fihlela ka la hosasane ho ena le nama e setseng ya mokete wa kgalaletso, kapa bohobe, o tjhese tsena tse setseng; di se ke tsa jewa, hobane di a halalela.


“O se ke wa nnyehella ka madi a sehlabelo sa ka le bohobe bo lomositsweng, mme sehlabelo sa mokete wa Paseka se se ke sa sielwa la hosasane.


“ ‘Nyehelo efe le efe ya dijo, eo o e etsetsang Morena, e se ke ya lomoswa. O se ke wa tjhesa tomoso kapa mahe a dinotshi, e le setjheso se etsetswang Morena.


“ ‘Ha sehlabelo e le sa teboho, motho a se tlise se ena le maqebekwane a sa lomoswang, a dubilweng ka ole; le moqathane o sa lomoswang, o tlotsitsweng ka ole; le dikuku tse entsweng ka phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole.


Nama ya phoofolo ya sehlabelo sa nyehelo ya teboho e tla jewa hona mohla letsatsi leo la nyehelo; ho se ke ha ba e sielwang letsatsi la hosasane.


Ka matsatsi a supileng ho se ke ha eba le ditomoso naheng yohle ya lona. Nama ya sehlabelo se ileng sa etswa ka phirimana ya letsatsi la pele e se ke ya sielwa la hosasane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos