Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 12:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ke tla tshela moya wa mohau le wa merapelo hodima ntlo ya Juda le hodima baahi ba Jerusalema; mme ba tla tadima ho nna eo ba mo hlabileng. Ba tla mo llela, jwalokaha ho llelwa mora ya tswetsweng a nnotshi, ba hlomohe habohloko hodima hae, jwalokaha ho hlomohuwa hodima mora wa letsibolo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 “Ke tla theolela moya wa kutlwelobohloko le wa thapedi hodima ntlo ya Davida le hodima baahi ba Jerusalema. Ba tla tadima nna eo ba mo hlabileng, ba mo llele jwaloka ya llelang ngwana ya inotshi; ba mo sarellwe habohloko jwaloka ya llelang mora wa hae wa letsibolo.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 12:10
39 Referencias Cruzadas  

Ebile moo Josefa a sitwang ho itiisa pontsheng ya bohle ba mo teetseng hare, mme a howa, a re: Batho bohle ba ho nna ba tswe. Mme ha ho a ka ha eba motho ya salang le yena, ha a itsebisa banababo.


Yaba o phahamisa lentswe, a lla, mme Baegepeta ba utlwa, le ba ntlo ya Faro ba utlwa.


O mpuseletse thabo ya poloko ya hao, nke ke tiiswe ke moya o mafolofolo.


Bakang ka kgalemelo ya ka, mme bonang, ke tla le tshollela moya wa ka, ke le rute ditaba tsa me.


Ha ke ne ke sa le ngwana ya ratwang ke ntate, ke le ngwana wa ngwako mahlong a mme,


ho fihlela moya wa lehodimo o tshelwa hodima rona, le lefeella le fetoha serapa, le serapa se tshwana le moru.


Sokolohelang ho nna, mme le bolokehe, lona dipheletso tsohle tsa lefatshe. Hobane ke nna Modimo, o mong ha o yo.


Hobane ha ke se ke sokolohile, ka ikwahlaya; ha ke se ke lailwe, ka ikotla noka; ka ba le dihlong, ka swaba, hobane ke jere nyatso ya botjha ba ka.


Ba tla kgutla ka dillo, ke tla ba tlisa ba ntse ba etsa merapelo; ke ba ise melapong ya metsi ka tsela e lokileng eo ba sa tlo ka ba kgoptjwa ho yona, hobane ke tla ba ntata Iseraele, Efraime e be ngwanaka wa letsibolo.


Mehleng eo le nakong eo, ho bolela Jehova, bana ba Iseraele ba tla tla, ba ena le bana ba Juda, ba tla ya ba ntse ba lla, ba batla Jehova, Modimo wa bona.


Moradi wa setjhaba sa ka, o itlame ka lesela le mahwashe, o pitike moloreng; o itelele jwalokaha ho llelwa ya tswetsweng a nnotshi, ka dillo tse bohlokohloko, hobane mosenyi o ya re tlela ka sehloho.


Teng, le tla elellwa mekgwa yohle ya lona le diketso tsohle tsa lona tseo le neng le itshilafaditse ka tsona, le ikgobohellwe ka baka la tse mpe tsohle tseo le di entseng;


Mme ke tla kenya moya wa ka ho lona, le tle ke phele: ke tla le busetsa naheng ya lona, mme le tla tseba hoba ke nna Jehova ke boletseng hoo, ke ho etsang: ho rialo Jehova.


Mme ha ke sa tla boela ke ba patele sefahleho sa ka, kahobane etlaba ke tsholletse moya wa ka tlung ya Iseraele: ho bolela Morena Jehova.


Ke tla fetola mekete ya lona bofifi, le dipina tsohle tsa lona tsa monyaka ke di fetole tsa mahlomola; ke tla tentsha matheka wohle masela a mahwashe, dihlooho tsohle ke di etse mafatla, dillo tseo ke di etse tse tshwanang le dillo tse etsetswang mora a innotshi, qetello ya tsona e be jwaloka letsatsi le babang.


Eo ya boraro, yona ke tla e kenya mollong, ke ba qhibidise jwaloka ha ho qhibidiswa silefera, ke be ke ba tsheke jwaloka, ha ho tshekwa kgauta. Ba tla rapela lebitso la ka, mme ke tla ba arabela. Ke tla re: Ke setjhaba sa ka, mme sona se tla re: Jehova ke Modimo wa rona.


Moshe e etsa noha ka koporo, a e fanyeha sefateng; mme e mong le e mong ya lomilweng ke noha, ha a tadima noha ya koporo, o ne a phela.


Mohlang oo, pontsho ya Mora motho e tla hlaha lehodimong; ke moo ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla iteta difuba, mme di tla bona Mora motho a etla ka maru a lehodimo, ka matla a maholo le ka kganya e kholo.


Yaba Petrose o elellwa se boletsweng ke Jesu, kamoo a neng a itse ho yena kateng: Mokoko ha o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo. Yaba o tswela ntle, a lla habohloko.


Ka hosasane, Johanne a bona Jesu a etla ho yena, mme a re: Bonang, ke Konyana ya Modimo e tlosang dibe tsa lefatshe.


Badumedi bao e leng ba lebollo, ba tlileng le Petrose, ba ba ba makala, ha ba bona neo ya Moya o Halalelang e tshollelwa le baditjhaba.


Eitse hobane ke qale ho bua, Moya o Halalelang wa theohela hodima bona, jwalokaha ho entswe ho rona ho qaleng.


Mehleng ya bofelo, ho bolela Modimo, ke tla tshela nama yohle ka Moya wa ka; bara ba lona le baradi ba lona ba tla porofeta; ba batjha ba lona ba tla bona dipono, mme maqheku a lona a tla lora ditoro.


Eitse hobane a phahamisetswe letsohong le letona la Modimo, mme a nke pallo ya Moya o Halalelang ho Ntatae, o qhatsitse seo le se bonang, le se utlwang jwale.


Eitse ha ba utlwa hoo, ba hlajwa dipelo, mme ba re ho Petrose le ho baapostola ba bang: Banna ba heso, re tla etsa jwang?


Hobane ha le a ka la newa moya wa bohlanka, hore tshabo e boele e be teng, le mpa le neilwe Moya wa ba bewang bana, oo re bitsang Abba! Ntate! ka wona.


Hape, le wona Moya o re tlatsa mefokolong ya rona; hobane ha re tsebe seo re tshwanetseng ho se kopa ka tshwanelo; empa Moya wona o re rapella ka mefehelo e ke keng ya bolelwa.


Le rapele ka Moya kamehla, ka merapelo yohle, le fadimehele teng ka tiisetso yohle, mme le rapelle bahalaledi bohle.


re ntse re tadimile Jesu, moqadi le mophethi wa tumelo, ya mameletseng sefapano ka baka la thabo eo a e beetsweng, a sa kang a re letho ka dihlong, a ba a ya dula letsohong le letona la terone ya Modimo.


Empa haele lona, baratuwa, le nne le ikgahe hodima tumelo ya lona e halalelang ka ho fetisisa, mme le rapele ka Moya o Halalelang;


Bonang, o tla ka maru, mme mahlo wohle a tla mmona, le bona ba mo hlabileng; mme ba mefuta yohle ya lefatshe ba tla swaba ka baka la hae. E, Amen!


Ha ho le jwalo, areka ya Jehova ya dula Kiryathe-Jearime matsatsi a mangata, ya eba dilemo tse mashome a mabedi. Mohlang oo, bohle ba ntlo ya Iseraele ba hlolohelwa Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos