Bongata ba ditjhaba tsohle tse tlang ho lwantsha Ariele le bohle ba patelang motse wona le qhobosheane ya wona, ba o tsietsang, ba tla ba jwaloka toro le pono ya bosiu.
Lerumo le leng le le leng le teetsweng ho o lwantsha, le ke ke la etsa letho; leleme le leng le le leng le tlang ho o tsohela matla ho o tsekisa, o tla le tswa. Ke lona lefa la bahlanka ba Jehova, le ho loka ha bona ho tswang ho nna, ho bolela Jehova.
ke timeletse matla a mebuso ya ditjhaba, ke dihe makoloi le ba tsamayang ho wona; dipere le bapalami ba tsona ba tla wa e mong le e mong ka lerumo la wa habo.
Bonang, ke ya fetola Jerusalema senwelo sa modikwadikwane ho ditjhaba tsohle tse kamathoko, le Juda o tla ba jwalo, ha ho ntse ho thibeletswe Jerusalema.