Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 12:8 - BIBELE

8 Ba je nama eo hona bosiung bona boo, e besitswe, ba e jelelle le bohobe bo sa lomoswang, le ka moroho o babang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ba ja nama ya yona ka bosiu boo e besitswe ka mollo, ba e jellele le bohobe bo se nang ditomoso, le meroho e babang.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 12:8
20 Referencias Cruzadas  

Ba besa dikgutshwane tse hlabetsweng Paseka ho ya ka taelo; dinyehelo tse halalelang tsona ba di pheha ka dipitsa, le ka diketlele, le ka dipane, ba nto di abela setjhaba ka potlako.


dira di mpetletse meno, jwaloka tau tse purumang, tse harolang.


Ba ba sulafaletsa bophelo ka ho ba sebedisa ka thata mosebetsing wa ho etsa ditene ka letsopa, le mesebetsing yohle ya masimong; le mesebetsing yohle ya bona, eo ba neng ba ba sebedisa yona ka thata.


Le se ke la e ja e le tala, kapa e phehilwe ka metsi, empa kaofela ha yona e beswe mollong, mmoho le hlooho ya yona, le ditlhakwana tsa yona, le dikahare tsa yona.


Moshe a re ho setjhaba: “Hopolang letsatsi lena, leo ka lona le tswileng Egepeta, moo le neng le le makgoba teng, hobane Morena o le ntshitse teng ka letsoho la hae le matla. Le se ke la ja bohobe bo lomositsweng.


Ka matsatsi a supileng le je bohobe bo sa lomoswang; bohobe bo lomositsweng bo se ke ba bonwa mahalona; le ditomoso di se ke tsa bonwa naheng ya lona.


“Madi a sehlabelo sa ka a se ke a nyehelwa mmoho le bohobe bo lomositsweng, leha e le ho boloka mafura a tsa mokete wa ka ho fihlela ka letsatsi le hlahlamang.


“O se ke wa nnyehella ka madi a sehlabelo sa ka le bohobe bo lomositsweng, mme sehlabelo sa mokete wa Paseka se se ke sa sielwa la hosasane.


Ho ratile Morena hore a tetetswe, a hlokofatswe, bophelo ba hae e be nyehelo e tlosang sebe; kahoo o tla bona ditloholo tsa hae, matsatsi a bophelo ba hae a lelefale, thato ya Morena e atlehiswe ke letsoho la hae.


Etsang nyehelo ya lona ya teboho, le e etse ka bohobe bo lomositswe; phatlalatsang dinyehelo tsa lona, nyehelo tsa lona tsa boithaopo, le di phatlalatse pontsheng ya bohle, le ithorise ka tsona, lona Baiseraele, hoba hona le hlile le rata ho ho etsa,” ho rialo Modimo wa mabotho.


“Ke tla theolela moya wa kutlwelobohloko le wa thapedi hodima ntlo ya Davida le hodima baahi ba Jerusalema. Ba tla tadima nna eo ba mo hlabileng, ba mo llele jwaloka ya llelang ngwana ya inotshi; ba mo sarellwe habohloko jwaloka ya llelang mora wa hae wa letsibolo.


Jwale ba utlwisisa hore o ne a sa re ba hlokomele tomoso ya bohobe bo jewang, empa ba hlokomele thuto ya Bafarisi le Basaduke.


Yare ha ba ntse ba eja, Jesu a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, mme a bo nea barutuwa ba hae, a re: “Nkang le je; hona ke mmele wa ka.”


Ka tomoso e seng kae ho lomoswa hlama kaofela.


Le e bese, le e jelle sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha. Hoseng le kgutlele ditenteng tsa lona.


Lona le ile la fetoha baetsisi ba rona le ba Morena, mme hara matshwenyeho a mangata la amohela lentswe la hae ka thabo e tswang ho Moya o Halalelang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos