Eitse ha a se a ya kena Egepeta, a re ho Sarai, mosadi wa hae: Bona hle, ke a tseba hoba o mosadi e motle ho tadingweng;
2 Samuele 11:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka tsatsi le leng, mantsiboya, Davida a tsoha diphateng tsa hae, a ya itsamaela hodima ntlo ya borena. Ha a le hodima ntlo, a bona mosadi ya tolang, e le mosadi e motle haholo. BIBELE Ka tsatsi le leng, motsheare wa mantsiboya, Davida a tsoha diphateng tsa hae. Ha a ntse a otlolla maoto hodima marulelo a ntlo ya bokgosi, a bona mosadi a ntse a tola. Mosadi eo o ne a le motle haholo. |
Eitse ha a se a ya kena Egepeta, a re ho Sarai, mosadi wa hae: Bona hle, ke a tseba hoba o mosadi e motle ho tadingweng;
Mosadi eitse ha a bona hobane sefate se monate ho jewa, mme se kgahlisa mahlo, mme se lakatseha ke ho hlalefisa, a nka ditholwana tsa sona, a di ja, mme a nea monna wa hae ya neng a na le yena, mme le yena a ja.
Yaba Sikeme, mora Hamore, Moheve, morena wa naha, a mmona, a mo nka, a robala le yena, a mo senya.
Ntho tsohle tsa hae a di tlohela diatleng tsa Josefa, a se ke a hlola a botsa letho la hae haese bohobe boo a bo jang. Josefa o ne a na le sebopeho se setle, le tshobotsi e ntle.
bara ba Modimo ba bona baradi ba batho hoba ba batle, mme ba inkela basadi hara bohle bao ba ikgethetseng bona.
Absalome, mora Davida, o ne a na le kgaitsedi e ntle, e bitswang Tamare; mme Amnone mora Davida, a mo rata.
Absalome a tswallwa bashemane ba bararo le mosetsana a le mong; lebitso la hae e ne e le Tamare; e ne e le mosadi ya sebopeho se setle.
Rekabe le Baana, bara ba Rimmone wa Beerothe, ba tla, ba kena e sa le motshehare tlung ya Ishe-Boshethe, a robetse diphateng, e le motshehare o moholo.
Ba ne ba mo kenetse tlung, a robetse diphateng, phaposing ya hae ya ho robala, ba mo hlaba teng, ba mmolaya, ba mo kgaola le hlooho, mme ba nka hlooho ya hae, ba ya le tsela ya thota bosiu bohle.
Kgahleho e a thetsa; botle ke bosawana! Mosadi ya tshabang Jehova ke yena ya tla roriswa.
O se ke wa lesa pelo ya hao ya duma bokgabane ba hae, o se ke wa hapuwa ke tjhadimo ya mahlo a hae.
Matlo a Jerusalema le matlo a marena a Juda a tla ba ditshila jwaloka nqalo ya Tofethe; e leng matlo kaofela ao ba hlwellang hodima wona ho tjhesetsa lekgotla lohle la lehodimo dibano le ho tshollela medimo esele dino.
Seo ke le bolellang sona lefifing, le se bolele leseding; seo le se utlwang le se nyenyeletswa tsebeng, le se bolele dihlorong tsa matlo.
Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya tadimang mosadi ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ya hae.
Ka hosasane, yare ha ba sa le tseleng, ba se ba atamela motse, Petrose a nyolohela hodima ntlo ho ya rapela, ha hora e batlile ho ba ya botshelela.
Etlere ha o haha ntlo e ntjha, o tle o etse lehora le potang marulelo a hao, esere mohlomong ntlo ya hlahelwa ke molato wa madi a motho ya leng hodima yona, a wela fatshe.
U se ke wa lakatsa mosadi wa wa heno; o se ke wa lakatsa ntlo ya wa heno, leha e le tshimo ya hae, leha e le mohlanka wa hae e motona, kapa e motshehadi, leha e le kgomo ya hae, leha e le esele ya hae, leha e le ntho e nngwe e leng ya wa heno.
Bofelo ba ntho tsohle bo haufi; le tsohe masene ke hona, mme le phele ka boitshwaro, le tle le tsebe ho rapela.
Hobane tsohle tse lefatsheng, takatso ya nama, le takatso ya mahlo, le boikgantsho jwa bophelo, ha di tswe ho Ntate, empa di tswa lefatsheng.
Ba ntoo theoha nqalong e phahameng, ba boela hae, ba ba ba buisana le Saule, ba le hodima ntlo.