Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 5:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya tadimang mosadi ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ya hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

28 Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya tadimang mosadi ka ho mo lakatsa o se a mo febile pelong ya hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

28 Empa nna ke re ho lona: E mong le e mong ya tadimang mosadi ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ya hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Empa nna ke re ho lona: E mong le e mong ya tadimang mosadi ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ya hae.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 5:28
20 Referencias Cruzadas  

Yaba Sikeme, mora Hamore, Moheve, morena wa naha, a mmona, a mo nka, a robala le yena, a mo senya.


Ka tsatsi le leng, mantsiboya, Davida a tsoha diphateng tsa hae, a ya itsamaela hodima ntlo ya borena. Ha a le hodima ntlo, a bona mosadi ya tolang, e le mosadi e motle haholo.


Ke ne ke hlabe selekane le mahlo a ka, sa hore nke ke ka tadima morwetsana!


Ha ekaba pelo ya ka e kile ya thetswa ke mosadi, kapa ha nkile ka lalla monyako wa eo ke ahisaneng le yena,


Ke bone bofelo ho dintho tsohle tse phethehileng, empa taelo tsa hao ha di na moo di kgutlang teng.


O se ke wa lakatsa ntlo ya wa heno; o se ke wa lakatsa mosadi wa hae, leha e le mohlanka wa hae e motona, leha e le e motshehadi, leha e le kgomo ya hae, leha e le esele ya hae, leha e le ntho e nngwe e leng ya wa heno.


O se ke wa lesa pelo ya hao ya duma bokgabane ba hae, o se ke wa hapuwa ke tjhadimo ya mahlo a hae.


a ba rata haholoholo ka ho ya ka seo mahlo a hae a neng a se bone, a romela manqosa ho bona naheng ya Kalde.


O se ke wa bokana le mosadi wa wa heno ho itshela sesila le yena.


Hobane mehopolo e mebe, dipolao, dipoko, mafebe, dikutso, diketselletso, le dinyefolo, di tswa pelong;


Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya halefelang ngwanabo feela, o tla tshwanelwa ke kahlolo; ya reng ho ngwanabo: Raka, o tla tshwanelwa ke kahlolo ya lekgotla; mme ya reng ho yena: O lehlanya, o tla tshwanelwa ke mollo wa dihele.


Empa nna, ke re: Le se ke la hanela ya le etsang hampe; empa ekare ha motho a o jabela lerama le letona, o mo sekehele le lona le leng.


Hobane re a tseba hore molao ke wa moya, empa nna ke wa nama, ke reketswe hore ke be mohlanka wa sebe.


Ha ho ka fumanwa monna ya robalang le mosadi ya nyetsweng ke e mong, ba shwe ba babedi, monna le mosadi ba robetseng hammoho. Tlosa bobe jwalo Iseraeleng.


Mahlo a bona a tletse bofebe le sebe se sa phetseng, ba tjheha meya e dikadikang; ba na le dipelo tse hlalefetseng ho batla leruo; ke ba rohakilweng.


Hobane tsohle tse lefatsheng, takatso ya nama, le takatso ya mahlo, le boikgantsho jwa bophelo, ha di tswe ho Ntate, empa di tswa lefatsheng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos