2 Samuele 11:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Eitse hobane lemo seo se fete, ka nako eo marena a atisang ho futuha ka yona, Davida a roma Joabe le bahlanka ba hae le Baiseraele bohle, ba ya, ba senya lefatshe la bana ba Ammone, ba ntoo ya thibella Rabba. Haele Davida, a sala Jerusalema. Ver CapítuloBIBELE1 Ha selemo se thwasa, e leng nako eo dikgosi di yeng di futuhe ka yona, Davida a roma Joabe, a ena le balaodi ba hae, le bahlabani bohle ba Baiseraele. Ba timetsa Baamone, ba thibella Raba. Empa Davida yena o ne a setse Jerusalema. Ver Capítulo |
[Hobane Oge, morena wa Bashane, o ne a setse a nnotshi wa mofuta wa Barefaime. Ha ke re, malao a hae, e leng malao a tshepe a ntse a le Rabba, motseng wa bana ba Ammone? Bolelele ba wona ke ditswe tse robileng mono o le mong, mme bophara ba wona ke ditswe tse nne, ha ho lekanngwe ka setswe sa motho.]