Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 11:1 - BIBELE

1 Ha selemo se thwasa, e leng nako eo dikgosi di yeng di futuhe ka yona, Davida a roma Joabe, a ena le balaodi ba hae, le bahlabani bohle ba Baiseraele. Ba timetsa Baamone, ba thibella Raba. Empa Davida yena o ne a setse Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Eitse hobane lemo seo se fete, ka nako eo marena a atisang ho futuha ka yona, Davida a roma Joabe le bahlanka ba hae le Baiseraele bohle, ba ya, ba senya lefatshe la bana ba Ammone, ba ntoo ya thibella Rabba. Haele Davida, a sala Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 11:1
15 Referencias Cruzadas  

Ha Baamone ba bona hore Baarame ba balehile, le bona ba baleha Abishai, ba ba ba ya kena motseng. Jwale Joabe a kgaotsa ho ba phaladisa, a kgutlela Jerusalema.


Jwale moporofeta a fihla ho kgosi ya Iseraele, a re ho yona: “Tsamaya, o yo hlopha mabotho a hao, o bone hore na o tla etsa jwang, hobane ha selemo se thwasa kgosi ya Arame e tla o futuhela.”


Ha selemo se thwasa, Bene-Hadade a kgobokanya Baarame, a nyolohela Afeke, a futuhela Baiseraele.


Ha selemo se thwasa, e leng nako eo dikgosi di tlwaetseng ho futuha ka yona, Joabe a tswa le mabotho, me a ripitla naha ya Baamone. Kamorao ho moo a ya etsetsa motse wa Raba thibella. Ha e le Davida yena o ne a setse Jerusalema. Joabe a hlola motse wa Raba, mme a o timetsa.


Ha selemo se thwasa, kgosi Nebukadenesare a mo romela maqosa, a mo isa Babilona le thepa ya bohlokwa ya Tempele ya Morena, mme a bea Sedekia, ngwanabo, hore e be kgosi ya Juda le Jerusalema.


Gileade ke ya ka, le Manase ke ya ka, Efraime ke katiba ya ka ya tshepe, Juda yena ke lere la ka la puso.


nako ya ho rata le nako ya ho hloya, nako ya ntwa le nako ya kgotso.


Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla hlaba mokgosi, ke o hlabele Raba ya Baamone: Raba e tla fetoha qubu ya masupi, metse ya yona e tjheswe ke mollo. Jwale Baiseraele ba tla hapa naha ya bona, ba e hape ho ba neng ba e hapile pele,” ho rialo Morena.


“Bokolla, wena Heshebone, hobane Ai e timeditswe! Howeletsang lona baahi ba Raba! Aparang tse mahwashe, le hlomohe! Tjhalakang, le ye hohle kahara marako, hobane Milekome, modingwana bona, o tla thopuwa, a thopuwe le baprista le mahosana a hae.


O etse tsela e le nngwe eo kgosi e tla futuhela motse wa Raba wa Baamone ka yona, le e nngwe eo kgosi e tla futuhela motse wa Juda le motse o haheleditsweng wa Jerusalema ka yona.


Marako a Raba ke tla a tjhesa, matlo a dikwele tsa yona ke a timetse, hara mokorotlo, mohla tsatsi la ntwa, hara lehoduotswana, mohla tsatsi la sefefo.


Morena o tla futuhela ditjhaba tseo, jwalokaha a e hlanaka mohla tsatsi la ntwa.


Ke Oge feela, kgosi ya Bashane, eo e leng lesalla la Barefaime. Lekese la hae la bafu e ne e le la tshepe, bolelele ba lona e le dimethara tse nne, bophara e le dimethara tse pedi, ho latela ho lekanya ho tlwaelehileng ha mehla eo. Lekese leo le sa le teng le kajeno motseng wa Baamone, wa Raba.


Mahosana a Bafilesita a futuha, empa kamehla ha a ne a futuha, Davida o ne a a hlola ho feta balaodi bohle ba Saule, mme lebitso la hae la tuma haholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos