Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 11:2 - BIBELE

2 Ka tsatsi le leng, motsheare wa mantsiboya, Davida a tsoha diphateng tsa hae. Ha a ntse a otlolla maoto hodima marulelo a ntlo ya bokgosi, a bona mosadi a ntse a tola. Mosadi eo o ne a le motle haholo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ka tsatsi le leng, mantsiboya, Davida a tsoha diphateng tsa hae, a ya itsamaela hodima ntlo ya borena. Ha a le hodima ntlo, a bona mosadi ya tolang, e le mosadi e motle haholo.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 11:2
28 Referencias Cruzadas  

Ha a se a le haufi le ho kena Egepeta, a re ho mosadi wa hae Sarai: “Bona mona; ke a tseba hore o mosadi e motle haholo;


Mosadi a elellwa hore sefate seo se ka jewa, se bile se kgahla mahlo; le hore se a lakatseha, hobane se hlalefisa motho. Yaba o kgola tse ding tsa ditholwana tsa sona, o a di ja; a ba a fa le monna wa hae, le yena a ja.


Ha Shekeme, mora wa Hamore wa Mohife, kgosana ya naha eo, a mmona, a mo tshwara, a mmeta, a mo hlompholla.


Yaba tsohle tseo a nang le tsona o di bea taolong ya Josefa, mme ha a ntse a ena le yena a se ke a tshwenngwa ke letho, haese feela ho itjella. Josefa o ne a le motle, a kgahleha.


bara ba Modimo ba bona hore baradi ba batho ba batle, mme ba inkela basadi kamoo ba ka kgahlwang kateng.


Abosalome, mora wa Davida, o ne a ena le kgaitsedi e ntle. Lebitso la yona e le Tamare. Amanone, mora wa Davida wa ntlo e nngwe, o ne a rata Tamare haholo.


Abosalome a ba le bara ba bararo, le moradi a le mong, ya neng a bitswa Tamare. E ne e le Seilatsatsi.


Jwale bara ba Rimone wa Mobeerote, bo-Rekabe le Baana, ba ya ha Ishe-Boshete, mme ha letsatsi le le hloohong tsa mengala ba fihla tlung ya hae, a sa ntse a le phomolong ya hara mpa ya motsheare.


E ne e ile ya re hoba ba kene ka tlung ba mo hlaba, ba mmolaya a ntse a paqame diphateng tsa hae. Ba mo kgaola hlooho, ba e nka, ba tsamaya bosiu bohle ka tsela ya Araba.


“Ke entse tumellano le mahlo a ka, hore ha a ka ke a tjhatjhehela kgarebe.


Faposa mahlo a ka, a se ke a bona tsa mafeela, o nnee bophelo tseleng ya hao.


Botswa bo isa motho le sephume sa boroko, sekgoba sona se bolawa ke tlala.


Leredi ke thetsane, botle ke lefeelafeelane; mosadi ya tshabang Modimo ke yena ya tla roriswa.


Pelo ya hao e se lakatse botle ba sona, mahlo a sona a se ka o hohela,


a feta pela huku ya seterata, a tsamaya ka tsela e yang ha sehlola;


Matlo a Jerusalema le matlo a dikgosi tsa Juda a tla silafatswa jwaloka sebaka sa Tofete, ka baka la matlo wohle ao ba ileng ba hlwella hodima wona, ba tjhesetsa mokubetso hodima marulelo a wona, ba o tjhesetsa dinaledi, mme ba qhatsetsa medimo esele nyehelo ya dino.’ ”


Seo ke le bolellang sona lefifing, le se phete leseding; seo le se utlwang le se nyenyeletswa, le se phatlalatse le le hodima dihlohlolo.


motho ya sehlohlolong sa ntlo a se ke a ba a theoha ho ya ntsha thepa ka tlung ya hae;


Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya tadimang mosadi ka ho mo lakatsa o se a mo febile pelong ya hae.


Ka la hosasane, ha bao ba ntse ba le tseleng, mme ba se ba atametse motse, Petrose a hlwella kahodima ntlo ho ya rapela; e ne e ka ba hara mpa ya motsheare.


“Ha o haha ntlo e ntjha, dintshing tsa marulelo a yona a sepapetlwa o hahe motero o a potapotang, e le hore ntlo ya hao e se ke ya ba le molato wa ho tsholoha ha madi, haeba motho a ka wa a le hodima yona.


“ ‘O se ke wa lakatsa mosadi wa motho e mong. O se ke wa lakatsa hore ntlo ya motho e mong e be ya hao; leha e le tshimo ya hae, kapa mohlanka wa hae, kapa lekgabunyane la hae, kapa pholo ya hae, kapa tonki ya hae, kapa ntho e nngwe le e nngwe eo e leng ya motho e mong.’


Qetello ya dintho tsohle e atametse. Ebang le boitshwaro, mme le fadimehele ho rapela.


hobane tsohle tsa lefatshe: ditakatso tsa botho, tse hohelang mahlo, le ho ikgantsha ka maruo, tsena hase tse tswang ho Ntate, empa ke tse tswang ho lefatshe.


Ba theoha hodima leralla, mme ba fihla motseng. Bosiung boo Saule a allwa diphate kahodima marulelo a ntlo, a robala teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos