Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 10:19 - BIBELE

19 Ha dikgosi tsohle tse buswang ke Hadade-Esere di bona hore Baiseraele ba di hlotse, tsa etsa kgotso le bona, tsa ba sebeletsa. Ka baka leo, Baarame ba tshaba ho nna ba thusetsa Baamone.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Marena wohle a neng a le taolong ya Hadadesere, ha a bona hobane ho hlotse Baiseraele, a etsa kgotso le Baiseraele, a ba sebeletsa, Basiria ba ba ba tshaba ho boela ba thusa bana ba Ammone.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 10:19
12 Referencias Cruzadas  

Davida a hlola Hadade-Esere, mora wa Rehobe, kgosi ya Soba, ha Hadade-Esere a ne a ilo tsosa puso ya hae pela noka ya Euferatese.


Davida a hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Baarame e Damaseka, mme Baarame ya eba bahlanka ba Davida ba mo thellang. Morena a thusa Davida hohle moo a neng a futuhela teng.


Bene-Hadade, kgosi ya Arame, a kgobokanya lebotho la hae. O ne a ena le dikgosi tse mashome a mararo a metso e mmedi, tse nang le dipere le dikariki tsa ntwa. A nyoloha, a futuhela Samaria, a e etsetsa thibella.


Ha bahlabani ba Hadade-Esere ba bona hore Baiseraele ba ba hlotse, ba etsa kgotso le Davida, ya eba bahlanka ba hae. Baarame ba se ke ba hlola ba thusetsa Baamone.


Tsoho la hao le phahamisitswe, Morena, empa batho bana bona ha ba le bone; ako ba bontshe ha o tjhesehela tjhaba sa hao, ba bone, mme dihlong di ba aparele, mollo o tjhesang dira tsa hao o ba timetse.


Wena kgosi, o kgosi ya dikgosi, hobane Modimo ya lehodimong o o neile mmuso le bolaodi le matla le tlotla.


Ka yona nako eo Joshua a kgutla, a hapa Hasore, mme kgosi ya teng a e bolaya ka sabole. Pele ho moo, Hasore e ne e le wona motse wa moreneng wa mebuso eo.


Di tla ema hole, ka baka la ho tshaba tlhokofatso ya yona, di re: “ ‘O madimabe! O madimabe! Wena Babilona, motse o moholo, motse o matla! Kahlolo ya hao e phethahaditswe ka nako ya hora feela!’


Yaba Adoni-Beseke o re: “Dikgosi tse mashome a supileng, tseo ke neng ke di kgaole menwana e metona ya matsoho le ya maoto, di ne di ye di thonake makumane tlasa tafole ya ka. Jwalokaha le nna ke ile ka etsa, Modimo o nketsa jwalo.” Ba mo isa Jerusalema, mme a shwela hona teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos