Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 10:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Marena wohle a neng a le taolong ya Hadadesere, ha a bona hobane ho hlotse Baiseraele, a etsa kgotso le Baiseraele, a ba sebeletsa, Basiria ba ba ba tshaba ho boela ba thusa bana ba Ammone.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Ha dikgosi tsohle tse buswang ke Hadade-Esere di bona hore Baiseraele ba di hlotse, tsa etsa kgotso le bona, tsa ba sebeletsa. Ka baka leo, Baarame ba tshaba ho nna ba thusetsa Baamone.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 10:19
12 Referencias Cruzadas  

Davida a hlola le Hadadesere, mora Rehobe, morena wa Tsoba, ya neng a re, o tla boela a hape naha e leng ya hae nokeng ya Eufrate.


Davida a ntoo bea bahlabani naheng ya Siria ya Damaseka, mme Basiria ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgotho. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.


Ben-Hadade, morena wa Siria, a bokella makgotla wohle a hae, a ena le marena a mashome a mararo a metso e mmedi, le dipere, le makoloi; a nyoloha, a futuhela Samaria, a o thibella.


Eitse ha bahlanka ba Hadaresere ba bona hoba ba hlotswe ke Baiseraele, ba etsa kgotso le Davida, mme ba mo sebeletsa. Mme Basiria ha ba ka ba hlola ba dumela ho tlatsa bana ba Ammone.


Jehova, letsoho la hao le matla, empa ha ba ka ba le lemoha; ba tla bona tjheseho ya hao eo o tjhesehetseng tjhaba sa hao ka yona, mme ba tla swaba, mollo o tjhese bao e leng dira ho wena.


Morena, ke wena morena wa marena, ya neilweng mmuso, borena, matla le kganya ke Modimo wa lehodimo;


Mohlang oo, Joshua a kgutla, a kena Hatsore, a bolaya morena wa teng ka bohale ba lerumo; hobane pele, Hatsore e ne e le motse wa moreneng wa mebuso eo yohle.


a ntse a eme hole le yena ke ho tshaba dikotsi tsa hae, a re: Jo! jo! Babilona, motse o moholo, motse o matla, kahlolo ya hao e hlahile jwang ka hora e le nngwe!


Yaba Adoni-Beseke o re: Marena a mashome a supileng a pomilweng menwana e metona ya matsoho le ya maoto, a ne a thola makumane katlasa tafole ya ka. Modimo o buseditse ho nna seo ke se entseng. Ba mo isa Jerusalema, mme a shwela teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos