Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 10:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Basiria ba baleha pela Baiseraele, mme Davida a timetsa makgolo a supileng a makoloi, le bapalami ba kete tse mashome a mane; a bolaya le Shobake, molaodi wa sera sa Hadadesere, a shwela hona teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Baarame ba baleha Baiseraele. Davida a bolaya Baarame ba makgolo a supileng ba palamang dikariki tsa ntwa, le banna ba dikete tse mashome a mane ba palamang dipere. A bolaya le Shobake, molaodi wa mabotho a bona, mme a shwela hona moo.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 10:18
10 Referencias Cruzadas  

Davida ha a tsebiswa, a phutha Baiseraele bohle, a tshela Jordane, a tla Helame; le bona Basiria ba lokisa ntwa ho ya kgahlanyetsa Davida, le ho mo lwantsha.


Teng, Davida a hapa sekete se nang le makgolo a supileng a bapalami, le kete tse mashome a mabedi tsa ba maoto. Davida a seha mesifa ya maoto a dipere tsohle tsa makoloi, a ipolokela tsa lekgolo la makoloi feela.


A ya, a ipokellela banna, a ipea monga letshwele; ke mohla Davida a hlotseng Basiria. Ba ntoo ya Damaseka, ba dula teng, ba busa Damaseka.


Basiria ba baleha pela Baiseraele, mme Davida a timetsa banna ba dikete tse supileng tsa makoloi a Basiria, le banna ba maoto ba dikete tse mashome a mane, a bolaya le Shofake, molaodi wa sera.


Ka di katakela, tsa sitwa ho tsoha, tsa wa katlasa maoto a ka.


Jehova wa makgotla o na le rona, Modimo wa Jakobo ke qhobosheane ya rona! (Sela.)


O ba fiele jwaloka mosi o fielwang ke moya; jwaloka sehlotla sa dinotshi se qhibidihang pela mollo, ba bolotsana ba timele jwalo pela Modimo.


Jehova a ba rekisetsa matsohong a Jabine, morena wa Kanana, ya neng a busa Hatsore; molaodi wa makgotla a hae e ne e le Sisera, ya ahileng Haroshethe-Gojime.


Ke ha ho fihla Barake, a phalletse Sisera; Jaele a tswela ho mo kgahlanyetsa, a re ho yena: Tloo, ke o bontshe motho eo o mmatlang. Barake a kena ha hae, mme a bona Sisera a rapaletse, a shwele, sethakgisa se le hlafunelong ya hae.


Ka letsoho la hae a tshwara sethakgisa; ka letsoho la hae le letona a tshwara noto ya lelala; mme ka noto a otla Sisera, a mo hlaba hloohong, a mo pshatla, a mo phunya hlafunelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos