Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 10:18 - BIBELE

18 Baarame ba baleha Baiseraele. Davida a bolaya Baarame ba makgolo a supileng ba palamang dikariki tsa ntwa, le banna ba dikete tse mashome a mane ba palamang dipere. A bolaya le Shobake, molaodi wa mabotho a bona, mme a shwela hona moo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Basiria ba baleha pela Baiseraele, mme Davida a timetsa makgolo a supileng a makoloi, le bapalami ba kete tse mashome a mane; a bolaya le Shobake, molaodi wa sera sa Hadadesere, a shwela hona teng.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 10:18
10 Referencias Cruzadas  

Ha Davida a tsebiswa hona, a kgobokanya bahlabani bohle ba Baiseraele, a tshela Jorodane, a fihla Helame. Baarame ba thea theko ya ntwa, ba lwantsha Davida.


Davida a hapa banna ba Hadade-Esere ba dipere ba sekete le makgolo a supileng, le ba ditaaso ba dikete tse mashome a mabedi. Dipere tsohle tse hulang dikariki tsa ntwa a di kgaola mesifa, a siya feela tse lekaneng ho hula dikariki tsa ntwa tse lekgolo.


E ne e ile yare ha Davida a hlola Hadade-Esere, Resone a bokella banna, mme ya eba yena molaodi wa sehlopha sena. Bo-Resone ba ikela Damaseka, ba haha teng, mme Resone ya eba kgosi ya Damaseka.


Baarame ba baleha Baiseraele. Davida a bolaya Baarame ba dikete tse supileng ba palamang dikariki tsa ntwa, le banna ba ditaaso ba dikete tse mashome a mane. A bolaya le Shofake, molaodi wa mabotho a bona.


Ke lelekisa dira tsa ka, ke be ke di tshware; ha ke kgutle ke eso di timetse.


“Kgaotsang, le tsebe hore nna ke Modimo, ke tla okamela ditjhaba, ke okamele lefatshe.”


Modimo a ke a tsohe, dira tsa hae di qhalane, ba mo hloileng ba mmalehe.


Morena a neelana ka bona matsohong a Jabine, kgosi ya Kanana, e neng e busa Hasore. Molaodi wa mabotho a hae e ne e le Sisera, ya neng a ahile Haroshete ya Baditjhaba.


Yare ha Barake a ntse a phaladisa Sisera, Jaele a ya mo kgahlanyetsa, a re ho yena: “Tloo, ke tla o bontsha motho eo o ntseng o mmatla.” Barake a kena ka tenteng ya Jaele, mme a bona Sisera a tjapaletse fatshe, a se a shwele, thakgisa e kene tlhafunelong ya hae.


Ka tsoho le letshehadi a nka thakgisa ya tente, ka tsoho le letona a nka noto, a ngaba Sisera ka yona, a pshatla hata la hae, a kgokgothella thakgisa tlhafunelong ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos