Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 34:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Yaba Sikeme, mora Hamore, Moheve, morena wa naha, a mmona, a mo nka, a robala le yena, a mo senya.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Ha Shekeme, mora wa Hamore wa Mohife, kgosana ya naha eo, a mmona, a mo tshwara, a mmeta, a mo hlompholla.

Ver Capítulo Copiar




Genese 34:2
23 Referencias Cruzadas  

le Baheve, le Baarke, le Basine,


Abrahama o ne a boletse bakeng sa Sara, mosadi wa hae, a re: Ke kgaitsedi ya ka. Yaba Abimeleke, morena wa Gerare, o a romela, mme a nka Sara.


A reka sekoto sa naha, seo a hlomileng tente ya hae ho sona, ho bana ba Hamore, ntata Sikeme, ka dikesita tse lekgolo.


Yaba bara ba Jakobo ba tla ho ba bolailweng, mme ba phahla motse, kahobane kgaitsedi ya bona a ne a sentswe.


Pelo ya hae ya kgomarela Dina, moradi wa Jakobo, a rata morwetsana, mme a buisa pelo ya morwetsana.


Yaba Jakobo o re ho Simeone le ho Levi: Le ntsieditse ka ho nketsa sebodu ho baahi ba naha, ho Bakanana le ho Bafarese, kanthe batho ba ka ha ba bakae, mme jwale ba tla mpokanela, ba mpolaye, mme ke tla timetswa nna le ntlo ya ka.


bara ba Modimo ba bona baradi ba batho hoba ba batle, mme ba inkela basadi hara bohle bao ba ikgethetseng bona.


Ka tsatsi le leng, mantsiboya, Davida a tsoha diphateng tsa hae, a ya itsamaela hodima ntlo ya borena. Ha a le hodima ntlo, a bona mosadi ya tolang, e le mosadi e motle haholo.


Yaba Davida o romela manqosa ho mo lata; mosadi ha a fihla ho yena, Davida a robala le yena; hobane a itlhatswe ditshila tsa hae, a ipoella ha hae.


Amnone a hana ho mo utlwa, a mmeta, a mo hlola, a ba a robala le yena.


Ke ne ke hlabe selekane le mahlo a ka, sa hore nke ke ka tadima morwetsana!


Ha ekaba pelo ya ka e kile ya thetswa ke mosadi, kapa ha nkile ka lalla monyako wa eo ke ahisaneng le yena,


Ya tsamayang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ya tlwaelaneng le mawatla o tla senyeha.


Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya tadimang mosadi ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ya hae.


Empa mohlomong, ha o se o sa kgahliswe ke yena, o tla mo lesela, a ye moo a ratang teng; o se ke wa reka tjhelete ka yena, leha e le ho mo etsa lekgoba, hobane o mo kokobeditse.


moo le tla ba ntsha ba babedi, le ba ise kgorong ya motse, mme le ba tlapunye ka majwe, ba shwe: morwetsana, kahobane ha a ka a memetsa a le motseng, monna, kahobane a sentse mosadi wa ngwanabo. Tlosa bobe haeno jwalo.


monna ya robetseng le yena o tla nea ntata morwetsana dishekele tse mashome a mahlano tsa silefera, mme morwetsana e tla ba mosadi wa hae, kahobane o mo tlotlolotse; mme a ke ke a mo lahla, ha a ntse a phela.


Banna ba Iseraele ba re ho Baheve: Ekaba le ahile haufi le rona; re ka hlaba selekane jwang le lona?


Samsone a theohela Thimna, a bona mosadi hara baradi ba Bafilesta, Thimna.


Gaale, mora Ebede, a re: Abimeleke ke mang, mme Sikeme ke mang, ha ho thwe, re mo sebeletse? Na hase mora Jerubbaale, mme tona ya hae hase Sebule na? Sebeletsang banna ba Hamore, ntata Sikeme! Haele rona, ke ha re mo sebeletsa ka baka lang?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos