Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 34:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Pelo ya hae ya kgomarela Dina, moradi wa Jakobo, a rata morwetsana, mme a buisa pelo ya morwetsana.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Pelo ya Shekeme ya kgomarela Dina, moradi wa Jakobo; a rata mosetsana eo, mme a bua le yena hamonate, a leka ho hapa pelo ya hae.

Ver Capítulo Copiar




Genese 34:3
11 Referencias Cruzadas  

Yaba Sikeme, mora Hamore, Moheve, morena wa naha, a mmona, a mo nka, a robala le yena, a mo senya.


Jwale Sikeme a bua le Hamore, ntatae, a re: Nkopele morwetsana enwa, e tle e be mosadi wa ka.


Se tshabeng, le tla fepjwa ke nna, lona le bana ba lona. Mme a ba tshedisa, a bua le dipelo tsa bona.


Ema jwale, o tswe, o bue hantle le bahlanka ba hao; hobane ke hlapanya ka Jehova, ke re, ha o sa tswe, ho ke ke ha sala motho le a mong le wena bosiung bona boo, mme kotsi ena e tla fetisa dikotsi tsohle tse o hlahetseng haesale le botjheng ba hao, le ho tlisa nakong ya jwale.


Esekiase a kgothatsa Balevi bohle ba neng ba hlalefetse tshebeletso ya Jehova, mme ba eja dijo tsa mokete ka ditshiu tse supileng, ba ntse ba hlaba mahlabelo a teboho, ba boka Jehova, Modimo wa bontata bona.


Bolellang Jerusalema tse kgodisang pelo ya hae, le mo howeletse hore kgoleho ya hae e fedile, molato wa hae o lefilwe, le hoba o amohetse letsohong la Jehova habedi ho lekanang le dibe tsa hae kaofela!


Ka baka leo, bonang, ke tla mo qeka, ke mo ise feelleng, ke bue tse kgodisang pelo ya hae.


Ka tsatsi leo, ho bolela Jehova, o tla mpitsa monna wa hao, ha o sa tla mpitsa Baale wa hao.


Jwale, monna wa hae a tloha, a mo latela ho ya bua le pelo ya hae, a tle a mo kgutlise; a ya le mohlanka wa hae le diesele tse pedi. Mosadi eo a mo amohela tlung ya ntatae, mme ntata morwetsana ha a mmona, a thaba ha a teana le yena.


Ba boela ba phahamisa mantswe a bona, ba lla. Yaba Orpa o aka matsalae, Ruthe a mpa a mo kgomarela.


Eitse hobane Davida a qetelle ho bua le Saule, pelo ya Jonathane ya holehana le pelo ya Davida, mme Jonathane a mo rata, jwalokaha a ithata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos