Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 4:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ba ne ba mo kenetse tlung, a robetse diphateng, phaposing ya hae ya ho robala, ba mo hlaba teng, ba mmolaya, ba mo kgaola le hlooho, mme ba nka hlooho ya hae, ba ya le tsela ya thota bosiu bohle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 E ne e ile ya re hoba ba kene ka tlung ba mo hlaba, ba mmolaya a ntse a paqame diphateng tsa hae. Ba mo kgaola hlooho, ba e nka, ba tsamaya bosiu bohle ka tsela ya Araba.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 4:7
8 Referencias Cruzadas  

Abnere le banna ba hae ba ya le lehwatata bosiu bohle, ba tshela Jordane, ba ba ba qeta le naha yohle ya Bithrone, ba ba ba fihla Mahanaime.


Noka e tla nyekenyeha dihohwana; di tla nyoloha, di kene ka tlung ya hao, le ka taong tsa malao a hao, ho fihlela le malaong a hao, le ka matlung a bahlanka ba hao le a setjhaba sa hao, le diontong tsa hao le merifing ya hao eo ho dubelwang bohobe ho yona.


Hlooho ya hae ya tliswa ka mokeke, ya newa morwetsana, mme a e isa ho mmae.


Ebile Davida o titima, a ema ho Mofilesta; a nka sabole ya hae, a e pshemola selateng sa yona, a mmolaya, a mo kgaola hlooho ka yona. Bafilesta bohle ha ba bona hobane senatla sa bona se shwele, ba baleha.


Haele Davida, a nka hlooho ya Mofilesta a e isa Jerusalema; le dihlomo tsa hae a di bea tenteng ya hae.


Ba kgaola hlooho ya Saule, ba mo hlobodisa le dihlomo tsa hae, mme ba romela kahohle naheng ya Bafilesta, ho tsebisa ditaba tseo matlung a medimo ya bona le hara setjhaba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos