Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 4:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ba tlisetsa Davida hlooho ya Ishe-Boshethe Hebrone, ba re ho morena: Ke ena hlooho ya Ishe-Boshethe, mora Saule, eo e neng e le sera ho wena se pheheletseng ho o bolaya; kajeno lena, Jehova o pheteleditse morena, monga ka, ho Saule le ho bana ba hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Yaba ba isa hlooho ya Ishe-Boshete ho Davida a le Heborone, mme ba re ho kgosi: “Bona hlooho ya Ishe-Boshete, mora wa sera sa hao Saule, ya neng a rata ho o bolaya. Kajeno Morena o pheteditse monga ka kgosi ho Saule le ho bana ba hae.”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 4:8
18 Referencias Cruzadas  

Yaba Akimaatse, mora Tsadoke, o re: A nke ke mathe, ke isetse morena taba e molemo ya hore Jehova o mo pheteleditse ho dira tsa hae.


Ha fihla Kushi. Kushi a re: Morena, monga ka, a thabele taba tseo ke tlang le tsona; efela kajeno lena, Jehova o o pheteleditse ho ba o kwenehetseng.


Empa Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a Saule, a nka Ishe-Boshethe, mora Saule, a mo tshedisetsa Mahanaime.


Ke wona Modimo o mpheteletsang, o kokobetsang ditjhaba pela ka;


le lona leleme la ka le tla bolela ho loka ha hao ka matsatsi wohle; hobane ba batlang tahleho ya ka ba apesitswe ke dihlong le nyediso.


Tsoha, o nke ngwana le mmae, mme o kgutlele lefatsheng la Iseraele; hobane ba neng ba batla moya wa ngwana, ba se ba shwele.


Nyakallang ka baka la wona, wena lehodimo, le lona bahalaledi, baapostola, le baporofeta, hobane Modimo o tiisitse kahlolo eo le o ahlotseng ka yona!


Ya howa ka lentswe le phahamileng, ya re: Morena ya halalelang, wa nnete, o tla dieha ho le hokae ho ahlola le ho lefetsa madi a rona ho ba ahileng lefatsheng?


Saule a betsa ka lerumo, a re: A nke ke bolaele Davida leboteng; Davida a mpa a qoba habedi pela hae.


Ebile Saule o bua le Jonathane mora hae, le bahlanka ba hae bohle, hore ba bolaye Davida; Jonathane, mora Saule, o ne a mpa a rata Davida haholo.


Saule a boela a romela manqosa ao ho bona Davida, a re: Le ntlisetse yena ka diphateng tsa hae, a tle a bolawe.


Ebile Davida o baleha Najothe o pela Rama, a tla a re ho Jonathane: Ke entseng? Sebe sa ka ke sefe? Ke sitetswe ntatao kang, ha a pheheletse hakalo ho mpolaya na?


Leha Davida a bone hobane Saule o tswetse ho mmatla, Davida a dula feelleng la Sife, morung.


Ha ho le jwalo, banna ba Davida ba re ho yena: Bona, ke lona letsatsi leo Jehova a o boleletseng lona, a re: Bona, ke tla neela sera sa hao matsohong a hao. Tloo jwale, o etse ka Saule kamoo o ratang kateng. Ebile Davida o tsoha, a seha moleka wa kobo ya Saule ka senya.


Leha motho a ka tsoha ho o hlorisa le ho o bolaya, moya wa monghadi o tla phuthelwa sephuthelong sa ba phelang ho Jehova, Modimo wa hao. Haele bophelo ba dira tsa hao, bo tla lahlelwa hole, ka mokgwa o kang wa tswibila.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos