Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 13:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Absalome, mora Davida, o ne a na le kgaitsedi e ntle, e bitswang Tamare; mme Amnone mora Davida, a mo rata.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Abosalome, mora wa Davida, o ne a ena le kgaitsedi e ntle. Lebitso la yona e le Tamare. Amanone, mora wa Davida wa ntlo e nngwe, o ne a rata Tamare haholo.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 13:1
15 Referencias Cruzadas  

Jakobo a rata Ragele, a re: Ke tla o sebeletsa ka dilemo tse supileng, ha o ka nnea Ragele, moradi wa hao e monyenyane.


Jakobo a nna a sebelletsa Ragele ka dilemo tse supileng, mme tsa eba ho yena jwaloka matsatsi a seng makae, kahobane a ne a mo rata.


Pelo ya hae ya kgomarela Dina, moradi wa Jakobo, a rata morwetsana, mme a buisa pelo ya morwetsana.


bara ba Modimo ba bona baradi ba batho hoba ba batle, mme ba inkela basadi hara bohle bao ba ikgethetseng bona.


Ka tsatsi le leng, mantsiboya, Davida a tsoha diphateng tsa hae, a ya itsamaela hodima ntlo ya borena. Ha a le hodima ntlo, a bona mosadi ya tolang, e le mosadi e motle haholo.


Jwale, Amnone a mo hloya ka hloyo e fetisisang, a mo hloya ka hloyo e kgolo ho lerato leo a neng a mo rata ka lona pele. Yaba Amnone o re ho yena: Tloha, o ikele.


Amnone a tsieleha, a ba a kula ka baka la Tamare, kgaitsedi ya hae; kahobane e be e sa ntsane e le morwetsana, Amnone a sitwa ho mo etsa letho.


Absalome a tswallwa bashemane ba bararo le mosetsana a le mong; lebitso la hae e ne e le Tamare; e ne e le mosadi ya sebopeho se setle.


Ha ho sa balwe moradi wa Faro, morena Salomone a boela a rata basadi ba bangata ba ditjhaba, basadi ba Bamoabe, le Baammone, le Baedomo, le Basidone, le Bahethe;


wa boraro ke Absalome, mora Maaka, moradi wa Talmai, morena wa Geshure; wa bone ke Adonija, mora Haggithe;


Bao kaofela e ne e le bara ba Davida, ho sa balwe le bara ba hae ba direthe. Kgaitsedi ya bona e ne e le Tamare.


Kgahleho e a thetsa; botle ke bosawana! Mosadi ya tshabang Jehova ke yena ya tla roriswa.


O se ke wa lesa pelo ya hao ya duma bokgabane ba hae, o se ke wa hapuwa ke tjhadimo ya mahlo a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos