Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 13:1 - BIBELE

1 Abosalome, mora wa Davida, o ne a ena le kgaitsedi e ntle. Lebitso la yona e le Tamare. Amanone, mora wa Davida wa ntlo e nngwe, o ne a rata Tamare haholo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Absalome, mora Davida, o ne a na le kgaitsedi e ntle, e bitswang Tamare; mme Amnone mora Davida, a mo rata.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 13:1
15 Referencias Cruzadas  

Jakobo o ne a rata Ragele, mme a re: “Ke tla o sebeletsa ka dilemo tse supileng, ke sebeletsa ho fumana Ragele, moradi wa hao e monyenyane.”


Jakobo a sebeletsa bohadi ba Ragele ka dilemo tse supileng, empa ka baka la lerato leo a neng a rata Ragele ka lona, dilemo tseo tsa ka ditshiu tse seng kae.


Pelo ya Shekeme ya kgomarela Dina, moradi wa Jakobo; a rata mosetsana eo, mme a bua le yena hamonate, a leka ho hapa pelo ya hae.


bara ba Modimo ba bona hore baradi ba batho ba batle, mme ba inkela basadi kamoo ba ka kgahlwang kateng.


Ka tsatsi le leng, motsheare wa mantsiboya, Davida a tsoha diphateng tsa hae. Ha a ntse a otlolla maoto hodima marulelo a ntlo ya bokgosi, a bona mosadi a ntse a tola. Mosadi eo o ne a le motle haholo.


Jwale Amanone a mo hloya haholo, mme lehloyo la hae le ne le feta lerato leo a neng a mo rata ka lona pele. Yaba Amanone o re ho yena: “Ema, o tsamaye!”


Amanone a tshwenyeha haholo, hoo a bileng a kula ka baka la ho rata kgaitsedie, Tamare. Tamare e ne e sa le morwetsana, mme Amanone a sitwa ho mo etsa letho.


Abosalome a ba le bara ba bararo, le moradi a le mong, ya neng a bitswa Tamare. E ne e le Seilatsatsi.


Kgosi Solomone o ne a rata basadi ba bangata ba baditjhaba. Kantle ho moradi wa Faro, o ne a nyetse basadi ba Moabe, le ba Baamone, le ba Baedomo, le ba Basidone, le ba Bahete.


wa boraro ya eba Abosalome, mora wa Maaka, moradi wa Talamai, kgosi ya Gesure; wa bone ya eba Adoniya, mora wa Hagite;


Bana kaofela e ne e le bara ba Davida, kantle ho bara bao a ba tswaletsweng ke basadi ba hae ba mafielo. Kgaitsedi ya bona e ne e le Tamare.


Leredi ke thetsane, botle ke lefeelafeelane; mosadi ya tshabang Modimo ke yena ya tla roriswa.


Pelo ya hao e se lakatse botle ba sona, mahlo a sona a se ka o hohela,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos