La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Samuele 9:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Hosasane, ha ho le jwalo, ke tla o romela monna ya tswang naheng ya Benjamine; o ke o mo tlotse, e be mong a setjhaba sa ka sa Iseraele; o tla namolela setjhaba sa ka matsohong a Bafilesta, etswe ke hopotse setjhaba sa ka, kahobane dillo tsa sona di fihlile ho nna.

Ver Capítulo

BIBELE

“Hosasane, ka nako yona ena, ke tla romela monna ya tswang naheng ya Benjamine ho wena. O tla mo tlotsa hore e be kgosi ya setjhaba sa ka, mme o tla namolela setjhaba sa ka matsohong a Bafilesita. Ke bone ho sotleha ha setjhaba sa ka, hobane sello sa sona se fihlile ho nna.”

Ver Capítulo



1 Samuele 9:16
17 Referencias Cruzadas  

Etsang jwale, etswe Jehova a boletse bakeng sa Davida, a itse: Ke ka letsoho la mohlanka wa ka Davida, ke tla namolela setjhaba sa ka sa Iseraele matsohong a Bafilesta, le matsohang a dira tsohle tsa sona.


Boya, o re ho Esekiase, modisa wa setjhaba sa ka: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa ntatao Davida: Ke utlwile thapelo ya hao, ke bone le meokgo ya hao; bona, ke tla o fodisa; ka la boraro o tla nyolohela tlung ya Jehova.


Jehova, mamela thapelo ya ka, modumaelo wa ka o ke o fihle pela hao!


Leha ho le jwalo, a nna a tadima matshwenyeho a bona, a utlwa medumaelo ya bona;


Tadima bomadimabe le bohloko ba ka, o ntshwarele dibe tsa ka tsohle.


Pelo ya motho e itherela tsela, empa ke Jehova ya tsamaisang maoto.


Hanameele, ngwana rangwane, a ba a tla ho nna lebaleng la teronko, kamoo ho neng ho boletse Jehova kateng, a re ho nna: Ako ithekele tshimo ya ka e Anathothe, naheng ya Benjamine, hobane tokelo ya ho e rua ke ya hao le ya topollo ke ya hao; o ithekele yona. Yaba ke a tseba hobane ke lona lentswe la Jehova.


Yaba Samuele o nka lenaka la ole, a le tshollela hloohong ya hae, a mo aka, a re: Ha ke re, Jehova o o tlotseditse hore o be modisa wa setjhaba sa lefa la hae na?


Jwale, Saule le setjhaba kaofela se dutseng ho yena, ba phutheha, mme ba ba moo e lwanang; ba fihlela Bafilesta ba hlabana ka marumo e le bona, ho le moferefere o moholo haholo.


Jehova a namolela Iseraele jwalo tsatsing leo; ntwa yona ya fetela pele, ho ya fihla Bethe-Avene.


Ebile Samuele o re ho Saule: Jehova o ne a nthome ho o tlotsa, hore o be morena wa setjhaba sa hae sa Iseraele. Jwale, mamela taba tsa molomo wa Jehova.


Yaba Jehova o re ho Samuele: O tla hlomohela Saule ho le hokae, athe ke mo lahlile, hore e se hlole e eba morena wa Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, o ye, ke o rome ho Jese wa Bethlehema, hobane ke iponetse morena hara bara ba hae.


O biletse Jese sehlabelong, mme ke tla o tsebisa seo o tla se etsa, mme o tla ntlotsetsa eo ke tla o laela yena.