Baprista le Balevi ba ema, mme ba hlohonolofatsa setjhaba; mantswe a bona a utluwa, mme merapelo ya bona ya fihla bodulong bo kgethehileng ba Jehova mahodimong.
Matswalong a ka ka bitsa ho Jehova, ka phahamisetsa mehoo ya ka ho Modimo wa ka. A utlwa lentswe la ka a le sehalalelong sa hae, mohoweletso wa ka wa finyella pela hae ditsebeng tsa hae.
Utlwa thapelo ya ka, Jehova, o sekehele mohoweletso wa ka tsebe! O se ke wa thibana ditsebe, ha ke ntse ke lla, hobane ho wena ke moeti le mofeti jwaloka bontate kaofela.
Moya wa ka o idibana kahare ho nna, ha ke hopola kamoo ke neng ke ya le setjhaba kateng, ke se eteletse pele ho ya ka tlung ya Modimo, hara dipina tsa nyakallo le difela tsa setjhaba se itlelang meketeng e phahameng.
Ditshiu tse ngata ha di fetile, morena wa Baegepeta a shwa. Haele bana ba Iseraele, ba ne ba ntse ba dumaela ka baka la ho tubeha ha bona, ba meketsa, mme ho meketsa ha bona ha fihla ho Modimo, kamoo ba tubehang kateng.
Ke Jesu eo, mehleng ya nama ya hae, ya kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokgo, merapelo ya hae e bohloko ho ya neng a ka tseba ho mo lwela lefung; mme eitse hobane a utluwe, ka baka la borapedi ba hae,
Hosasane, ha ho le jwalo, ke tla o romela monna ya tswang naheng ya Benjamine; o ke o mo tlotse, e be mong a setjhaba sa ka sa Iseraele; o tla namolela setjhaba sa ka matsohong a Bafilesta, etswe ke hopotse setjhaba sa ka, kahobane dillo tsa sona di fihlile ho nna.