1 Samuele 10:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Yaba Samuele o nka lenaka la ole, a le tshollela hloohong ya hae, a mo aka, a re: Ha ke re, Jehova o o tlotseditse hore o be modisa wa setjhaba sa lefa la hae na? Ver CapítuloBIBELE1 Samuele a nka lenaka la ole, a e tshela hloohong ya Saule, a mo aka, a re: “Morena o o tlotsa ka ole hore o be kgosi ya setjhaba sa hae. O tla busa setjhaba sa hae, e leng Baiseraele, mme o se namolele ho dira tsa sona tse se potapotileng. Hona e tla ba pontsho ya hore Morena o o tlotsitse ho ba kgosi ya setjhaba sa hae. Ver Capítulo |
O nke dibano tse kgethehileng, tsa mirra e metsi tse boima ba dishekele tse makgolo a mahlano le halofo ya boima bo kalo ya sinnamone e monko o monate, e leng dishekele tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano, le lehlaka le monko o monate le boima ba dishekele tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano,
Mponeng, ke nna enwa; le mpakele pontsheng ya Jehova le pontsheng ya motlotsuwa wa hae: na ke nkile kgomo ya mang? kapa ke nkile esele ya mang? ke jele ntho ya mang? kapa ke tshwentse mang? kapa ke matsohong a mang ke amohetseng moputso hore ke foufatse mahlo a ka ka wona? Mpolelleng hle ke tle ke le kgutlisetsa ntho tseo.